Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 9:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Hobane leha ke bolela Evangeli, teng ha ke na seo nka ithorisang ka sona, kahobane molao wa teng o ntlamile, mme ho madimabe nna ha ke sa bolele Evangeli!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Ha ke na tokelo ya ho ithorisa hobane feela ke bolela molaetsa o molemo; etswe ke tlameha ho etsa jwalo. Nka ba madimabe haeba ke sa phatlalatse molaetsa o molemo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Hobane leha ke bolela Evangeli, ha ke na seo ke ka ithorisang ka sona, hobane ke tlamehile; ee, ho madimabe nna, ha ke sa bolele Evangeli!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Hobane leha ke bolela Evangeli, ha ke na seo ke ka ithorisang ka sona, hobane ke tlamehile; ee, ho madimabe nna, ha ke sa bolele Evangeli!

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 9:16
21 Referencias Cruzadas  

Yaba ke re: Ho madimabe nna, ke timetse, hobane ke motho ya melomo e ditshila, ke ahile hara setjhaba se melomo e ditshila, mme ke bone Morena, Jehova wa makgotla, ka mahlo!


Wena he, itlame letheka, o eme, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona; o se ke wa tshaba pela bona, esere ka o thothometsa pela bona.


Oho Jehova, o kile wa nthetsa, ka thetswa; o kile wa ntiisetsa matla, ka hlolwa. Ke hlile ke entswe ditsheho ka tsatsi lohle, ba ntshoma kaofela.


Leha nka re: Ha ke sa tla hlola ke mmolela, leha e le ho bua ka lebitso la hae, eba ho na le ho kang mollo o tjhesang pelong ya ka, o kentsweng masapong a ka. Ke kgathala ke ho o boloka, ke a sitwa.


Tau e a rora: ya sa tlo tshoha ke mang? Morena Jehova o a bua: ya sa tlo porofeta ke mang?


Empa Jehova o ntshwere ke alositse mohlape, mme Jehova a re ho nna: Eya, o porofete hodima setjhaba sa ka sa Iseraele.


Ya nkileng ditalenta tse hlano a phakisa a ya, a hweba ka tsona, a rua ditalenta tse ding tse hlano.


Empa Jesu a re ho yena: Ya beang letsoho la hae mohomeng, mme a boela a hetla, ha a tshwanele mmuso wa Modimo.


Hobane haele rona, ha ho kamoo re ka lesang ho bolela kateng, tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.


Empa Morena a re ho yena: Eya, hobane eo ke lefiso leo ke ikgethetseng lona, ho isa lebitso la ka ho baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele;


A re ka tshoho le ka thothomelo: Morena, o rata hore ke etse eng na? Morena a re ho yena: Tsoha, o kene motseng, mme o tla bolellwa teng seo o tshwanetseng ho se etsa.


Ke molato ho Bagerike le ho babarebare, ho ba bohlale le ho ba mawatla.


Ke moo ke nang le lebaka la ho ithorisa ho Jesu Kreste tabeng tseo e leng tsa Modimo.


Hobane ha re ka re, Abrahama o beilwe ya lokileng ka mesebetsi, o na le sebaka sa ho ithorisa; empa ha a na sona pela Modimo.


Hobane leha le be le ka ba le baruti ba dikete tse leshome ho Kreste, ha le na bontata lona ba bangata; hobane ke nna ya le tswetseng ho Jesu Kreste ka Evangeli.


Mme ha ba bang ba ena le tokelo ya ho etsa jwalo ho lona, ana haholoholo hase ya rona na? Athe ha re a ka ra etsa ka tokelo eo; re mpa re mameletse tsohle, re tle re se ke ra beela Evangeli ya Kreste thibelo leha e le nngwe.


Ke ka mokgwa oo Morena a laetseng hore ba bolelang Evangeli ba phele ka Evangeli.


Mme mohla ke tlileng Trowase ho bolela Evangeli ya Kreste, leha nkile ka bulelwa monyako teng ke Morena,


E reng ho Arkipe: Tadima tshebetso eo o e abetsweng ke Morena, o tle o e phethe.


Haele nna, nke ke ka sitelwa Jehova, le ho leka, ka ho lesa ho le rapella; ke tla nne ke le rute le tsela e ntle e lokileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos