Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 7:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Mosadi ya nyetsweng le morwetsana ha ba tshwane. Ya sa nyalwang o hlokomela tsa Morena, a tle a halalele mmeleng le moyeng; empa ya nyetsweng o hlokomela tsa lefatshe lena, le kamoo a ka kgahlisang monna wa hae kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

34 mme kahoo o pelo di pedi. Mosadi ya sa nyalwang, kapa morwetsana, o hlokomela tsa Morena, hore a tle a halalele mmeleng le moyeng. Empa mosadi ya nyetsweng o hlokomela tsa lefatshe, hore na a ka kgahlisa monna wa hae jwang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

34 Hape ho na le phapang pakeng tsa mosali le moroetsana. Mosadi ya sa nyalwang o hlokomela tsa Morena, e le hore a ka halalela mmeleng le moyeng;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 Hape ho na le phapang pakeng tsa mosali le moroetsana. Mosadi ya sa nyalwang o hlokomela tsa Morena, e le hore a ka halalela mmeleng le moyeng;

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 7:34
16 Referencias Cruzadas  

Ya ruilweng o a baleha, kahobane, e le ya ruilweng feela, mme ha a re letho ka dinku.


Mme hape, le se ke la neela sebe ditho tsa lona ho ba dintho tsa ho sebetsa bokgopo; le mpe le ipee ho Modimo, jwaloka ba phelang ba neng ba shwele, mme le bee ditho tsa lona ho Modimo, e be dintho tsa ho sebetsa ho loka.


hobane le lopolotswe ka theko. Tlotlisang Modimo ke hona mmeleng ya lona le meyeng ya lona, e leng ya Modimo.


Empa ya nyetseng o hlokomela tsa lefatshe lena, le kamoo a ka kgahlisang mosadi wa hae kateng.


Ke rialo ka ho lekanya se ka bang molemo ho lona, e seng ho le tjheha ka leraba; e le hore le mpe le etse ka hlokomelo, mme le sebeletse Morena le sa horeletswe ke letho.


Leha ho sa balwe ditsietsi tse tswang kantle, ke dikilwe ka matsatsi wohle ke dipelaetso tsa dikereke tsohle.


A re leboheng Modimo, o kentseng tjheseho e le nngwe pelong ya Tite le ho ya ka ka baka la lona.


ka tebello e tiyang ya ka, le ka tshepo eo ke nang le yona, ya hoba nke ke ka swabiswa tabeng leha e le nngwe; ke mpa ke tsebisisa hore, esita le jwale le mehleng yohle, Kreste o tla tlotliswa mmeleng wa ka, leha e le ka ho phela ha ka, leha e le ka ho shwa ha ka.


Modimo wa kgotso, wona ka sebele, o le halaletse, o le etse ba phethehileng; kaofela ha moya wa lona, le ha pelo ya lona, le ha mmele wa lona, ho bolokelwe ho hlaheng ha Morena wa rona Jesu Kreste ho se na sekodi.


Hobane motho ha a sa tsebe ho busa ntlo ya hae, a ka disa kereke ya Modimo jwang?


Jwale, eo e leng mohlolohadi ruri, ya siilweng a nnotshi, o itshepetse Modimo, mme o tiisetsa diqelong le merapelong, bosiu le motshehare.


Polelo eo e tiile, mme ke rata hoba o omele ka matla tabeng tseo, hore ba dumetseng ho Modimo ba iponele, ba tle ba phehelle mesebetsi e metle, tse ntle, tse molemo ho batho ke tsona tseo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos