Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 7:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Hobane ya bitsitsweng ke Morena e le moruwa, ke molokollwa wa Morena; le yena ya bitsitsweng e le molokollwa, ke moruwa wa Kreste.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Etswe ya bitsitsweng ke Morena e le lekgoba, ho Morena o lokolohile. Ka mokgwa o jwalo, ya bitsitsweng ke Kreste a lokolohile, ke lekgoba la Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Hobane ya bitsitsweng ke Morena e le lekgoba, ke motho ya lokolohileng wa Morena;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Hobane ya bitsitsweng ke Morena e le lekgoba, ke motho ya lokolohileng wa Morena;

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 7:22
18 Referencias Cruzadas  

Oho Jehova, ke mohlanka wa hao; ke mohlanka wa hao ka sebele, mora wa lekgabunyane la hao. O lokolotse ditlamo tsa ka.


Ke le Pauluse, mohlanka wa Jesu Kreste, ya bitsitsweng ho ba moapostola, ya kgethetsweng Evangeli ya Modimo,


Hleka o bitsitswe o le ya ruilweng na? O se ke wa belaela ke hona. Empa ha o ka lokollwa, o mpe o ikgethele hona.


Hobane leha ke le ya sa ruwang ke motho, ke ikentse mohlanka wa bohle, ke tle ke rue ba bangata.


ho ba seng katlasa molao, ke ikentse ya seng katlasa molao, leha ke se ya se nang molao ka nqa ho Modimo, athe ke molaong wa Kreste, ke tle ke rue ba seng katlasa molao;


Hobane, hleka ke re, ke emelwe ke batho, kapa ke Modimo na? Mohlomong, na ho ka thwe, ke rata ho kgahlisa batho? Athe hoja ebe ke sa rata ho kgahlisa batho, nka be ke se mohlanka wa Kreste.


Emang ke hona tokolohong eo Kreste a re lokolotseng ka yona, mme le se ke la boela la bofjwa jokong ya bohlanka.


Haele lona, banabeso, le bileditswe ho lokoloha, empa feela le se ke la etsa tokoloho eo sebaka sa ho phela ka nama, le mpe le sebeletsane ka baka la lerato.


Epafrase wa ha heno, mohlanka wa Kreste, o a le dumedisa; o ntse a le lwanela kamehla merapelong ya hae, hore le ke le eme le phethehile, mme le kgodise ka ho etsa ho rata hohle ha Modimo.


e tle e se ke ya hlola e eba mohlanka, e mpe e be ya fetisang mohlanka, e be moena ya ratwang, haholo ke nna, haholoholo ke wena ka nqeng ya nama le ka nqeng ya Morena!


Etsang ka mokgwa o tshwanelang balokolohi, e seng ka ho etsa bolokolohi ba lona tshireletso ya bobe, le mpe le ipee bahlanka ba Modimo.


Ke le Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla lona ba abetsweng tumelo e le nngwe le ya rona ka bohlokwa, ka ho loka ha Modimo le Mmoloki wa rona, Jesu Kreste, ke re:


Ke le Juda, mohlanka wa Jesu Kreste, le ngwanabo Jakobo, ke ngolla ba bitsitsweng, ba ratilweng ke Modimo Ntate, ba boloketsweng Jesu Kreste, ke re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos