Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 6:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Motho ho lona, ha a ena le taba ya tseko le e mong, ha a tshabe keng ho ya ahlolelwa ke bakgopo, e seng ke bahalaledi?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ha e mong wa lona a ena le nyewe le e mong, a ka mo isa jwang makgotleng a bahedene, e seng kapele ho badumedi?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Ke mang ho lona ya nang le taba le e mong, a betang pelo hore a ye qosong pela ba kgopo, e seng ka pela bahalaledi?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Ke mang ho lona ya nang le taba le e mong, a betang pelo hore a ye qosong pela ba kgopo, e seng ka pela bahalaledi?

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 6:1
11 Referencias Cruzadas  

le tle le be bana ba Ntata lona ya mahodimong; hobane o tjhabisetsa ba babe le ba batle letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba kgopo.


Ha ekaba Demetriuse le ba sebetsang le yena, ba ena le tseko le e mong, lekgotla le bulehile, le baahlodi ba teng; ha ba ke ba isane nyeweng.


ke ngolla kereke ya Modimo e Korinthe, e leng ba halaleditsweng ho Jesu Kreste, ba bileditsweng ho halalela, hammoho le bohle ba rapelang nqalong tsohle lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, e leng Morena wa bona le wa rona;


Hobane Modimo hase Modimo wa moferefere, empa e le wa kgotso, jwalokaha ho bonwa dikerekeng tsohle tsa bahalaledi.


Haele dithuso tse bokellelwang bahalaledi, le etse jwalokaha ke laetse dikereke tsa Galatia.


Ke sa le rapela hle, banabeso! Le tseba ba ntlo ya Setefanase, hobane ke bona bao e leng matsibolo a Akaea, le hoba ba ineetse tshebeletso ya bahalaledi.


Hobane ke na le taba efe kahlolong ya ba kantle? Haele ba kahare, na ha le ba ahlole na?


Ke rialo ho le hlabisa dihlong. Na ke ho re, ha ho na ya bohlale hara lona, leha a le mong, ya ka tsebang ho ahlolela motho le ngwanabo na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos