Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 5:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ke le ngoletse lengolong la ka, hore le se ke la kopana le bafebi;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Lengolong la ka ke ile ka re le se ke la tlwaelana le dihlola.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Ke le ngoletse lengolong hore le se ke la tlwaelana le dihlola.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Ke le ngoletse lengolong hore le se ke la tlwaelana le dihlola.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 5:9
10 Referencias Cruzadas  

Le hlobohe bothoto, mme le tla phela, le tsamaye tseleng ya hlalefo.


e seng hore le ka kgaohana ruri le bafebi ba lefatshe lena, le ba lakatsang leruo, le mashodu, le ba rapelang ditshwantsho; hobane hoja ho jwalo, e be e ka kgona le tswe lefatsheng.


Leha ho le jwalo, le ikgohomositse, kanthe ha le a ka la lla ka ho re, ho tloswe hara lona ya entseng ketso eo!


A le ke le tlose ho lona ditomoso tsa kgale, le tle le be hlama e ntjha, haele moo le le ba sa lomoswang; hobane Paseka ya rona, e leng Kreste, e hlabetswe rona.


Se sikareng joko e le nngwe le ba sa dumelang; hobane kopano ke efe ya ho loka le bokgopo? Kapa lesedi le na le kopano efe le lefifi?


Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,


mme le se ke la ba le kabelo mesebetsing e nyopang ya lefifi, le mpe le e nyatse:


Ekare ha e mong a sa utlwe mantswe a rona a lengolo lena, eo le mo kgethe, mme le se ke la kopana le yena, a tle a be le dihlong.


Re a le laela, banabeso, ka lebitso la Jesu Kreste, Morena wa rona, hore le arohane le moena ofe le ofe ya sa tsamayeng ka molao le ka thuto eo a e amohetseng ho rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos