Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 16:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Haele Apolose, ngwanabo rona, ke mo kgothaditse haholo hore a ke a ye ho lona le banababo rona, empa ha a ka a dumela le hanyenyane ho ya jwale; leha ho le jwalo, o tla tla mohla a nang le sebaka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ha e le ngwanabo rona Apolosi, ke mo kopile haholo hore a tle ho lona le bana babo rona, empa e ne e se thato ya hae ho hang ho tla hona jwale. O tla tla mohla a fumanang sebaka.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Ha e le Apolose, ngwanabo rona, ke mo qela haholo hore a tle ho lona le badumedi. empa o tla tla ha a e-na le nako.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Ha e le Apolose, ngwanabo rona, ke mo qela haholo hore a tle ho lona le badumedi empa o tla tla ha a e-na le nako.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 16:12
12 Referencias Cruzadas  

Ntho e nngwe le e nngwe e na le sebaka sa yona, mme nako e teng ya tsohle tse etswang tlasa letsatsi:


Empa ka tsatsi le loketseng, leo Heroda a etsetsang mahosana a hae, le balaodi ba sekete, le baholo ba Galelea, mokete wa tswalo ya hae,


Leha ho le jwalo, Silase a rata ho hlola teng.


Mojuda e mong, ya bitswang Apolose, ya tswaletsweng Aleksandria, monna ya hlalefileng, ya tsebang Mangolo haholo, a fihla Efese.


Eitse ha Apolose a sa le Korinthe, Pauluse a haola dinaha tsa Asia tse kahodimo, a tla Efese, mme teng a fihlela barutuwa ba bang.


Empa ha a ntse a bolela ho loka, le boitshwaro, le kahlolo e tla tla, Felikse a tshwarwa ke ho tshaba, mme a bua, a re: O ka ikela jwale; mohla ke boelang ke bona sebaka, ke tla boela ke o bitse.


Ke lekanya jwalo, kahobane e mong le e mong ho lona o re: Nna, ke wa Pauluse! — Nna, ke wa Appolose! — Nna, ke wa Kefase! — Nna he, ke wa Kreste!


leha e le Pauluse, leha e le Apolose, leha e le Kefase, leha e le lefatshe, leha e le ho phela, leha e le ho shwa, leha e le tsa jwale, leha e le tse tla tla; tsohle ke tsa lona,


Pauluse ke mang na? Le Apolose ke mang na? Ke bahlanka bao le dumetseng ka bona, kamoo e mong le e mong a filweng kateng, ke Morena.


O felehetse Senase, moruti wa molao, le Apolose hantle leetong la bona, ba tle ba se ke ba hloka letho.


Empa mohla ho bonahatseng mohau wa Modimo, Mmoloki wa rona, le lerato la wona ho batho, o re pholositse;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos