Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 15:47 - Sesotho 1909/1961 (SO)

47 Motho wa pele e ne e le wa lefatshe, o entswe ka mobu, empa motho wa bobedi, e leng Morena, o tswile lehodimong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

47 Motho wa pele o tswa mobung, ke wa lefatshe; motho wa bobedi yena o tswa lehodimong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

47 Motho wa pele o tswa lefatsheng, ke wa mobu; motho wa bobedi ke Morena ya tswang lehodimong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

47 Motho wa pele o tswa lefatsheng, ke wa mobu; motho wa bobedi ke Morena ya tswang lehodimong.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 15:47
16 Referencias Cruzadas  

Jehova Modimo a bopa motho ka lerole la lefatshe, mme a budulela dinkong tsa hae phefumoloho ya ho phela, mme motho ya eba moya o phelang.


O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, o be o kgutlele mobung oo o ntshitsweng ho wona; hobane o lerole, mme o tla kgutlela leroleng.


Hobane re tswaletswe ngwana, re neilwe mora; borena bo beilwe lehetleng la hae, mme o tla bitswa Moeletsi ya makatsang, Modimo o matla, Rabosafeleng, Morena wa kgotso;


Mehleng ya hae, Juda o tla pholoha, Iseraele a ikahele boiketlong, mme ke lona lebitso leo ba tla mmitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rona.


Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme lebitso la hae o tla bitswa Emmanuele, ke ho re, ha ho fetolwa, Modimo o na le rona.


ke ho re, kajeno, le tswaletswe Mmoloki, motseng wa Davida; ke Kreste, Morena.


Ya tswang lehodimong o kahodimo ho bohle, ya tswang lefatsheng ke wa lefatshe, mme o bua e le wa lefatshe; ya tswang lehodimong o kahodimo ho bohle.


Hobane bohobe ba Modimo ke bo theohileng lehodimong, bo neang lefatshe bophelo.


Haele lentswe leo o le rometseng ho bana ba Iseraele, ha o bolela kgotso ka Jesu Kreste, e leng Morena wa bohle, le a le tseba,


Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Motho wa pele, Adama, o entswe moya o phelang, mme Adama wa morao o entswe moya o phedisang.


Mme seo e leng sa moya hase sa pele, sa pele ke seo e leng sa nama, mme se latelwa ke seo e leng sa moya.


Efela re a tseba hoba mohla ntlo ena ya rona ya lefatshe, e kang motlotlwane, e senyehang, re na le leaho mahodimong le tswang ho Modimo, e leng ntlo e sa kang ya etswa ka matsoho, e sa feleng.


Mme ruri sephiri sa borapedi se seholo: o bonahetse nameng, o lokiseditswe ke Moya, o bonwe ke mangeloi, o boletswe hara ditjhaba, o dumetswe lefatsheng, o phahamiseditswe kganyeng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos