Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 14:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Meya ya baporofeta e buswa ke baporofeta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

32 Eka kgona baporofeta ba laole moya wa boporofeta oo ba nang le wona,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

32 Mme meya ya baporofeta e ikokobeletsa baporofeta.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 Mme meya ya baporofeta e ikokobeletsa baporofeta.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 14:32
14 Referencias Cruzadas  

Teng, bara ba baporofeta ba Bethele ba tswela ho Elisha, ba re ho yena: Ana o a tseba hobane Jehova o ya tlosa monga hao ho wena kajeno na? A re: E, ke a tseba; kgutsang.


Teng, bara ba baporofeta ba Jeriko ba re ho Elisha: Ana o a tseba hoba Jehova o ya tlosa monga hao ho wena kajeno na? Yena a re: E, ke a tseba; kgutsang.


Leha nka re: Ha ke sa tla hlola ke mmolela, leha e le ho bua ka lebitso la hae, eba ho na le ho kang mollo o tjhesang pelong ya ka, o kentsweng masapong a ka. Ke kgathala ke ho o boloka, ke a sitwa.


Baporofeta le baruti ba bang ba ne ba le teng Antioke, kerekeng ya teng Antioke, e le Barnabase, le Simone, ya reilweng Nigere, le Lusiuse, wa Sirene, le Manahene, ya neng a hodisitswe le Heroda moteterareke, le Saule.


Hobane le ka porofeta bohle ka ho latelana, hore bohle ba rutwe, mme bohle ba kgothatswe.


Hobane Modimo hase Modimo wa moferefere, empa e le wa kgotso, jwalokaha ho bonwa dikerekeng tsohle tsa bahalaledi.


Le se ke la phaka la sisinyeha pelong tsa lona, leha e le ho tshoha ke moya, mohlomong ke polelo, kapa ke lengolo leo ho thweng, le tswa ho rona, le ka reng: Letsatsi la Kreste le haufi.


Baratuwa, le se ke la dumela meya yohle, le mpe le leke meya, hore na ke e tswang ho Modimo; hobane baporofeta ba bohata ba tlile lefatsheng ba le bangata.


La ntoo re ho nna: Ditaba tseo ke tse tiileng, ke tsa nnete; mme Morena, Modimo wa meya ya baporofeta, o romile lengeloi la hae ho bontsha bahlanka ba hae ditaba tse seng di tla hlaha kapele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos