Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 14:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mme jwale lona, haele mona le tjhesehella dineo tsa Moya, batlang ho atelwa ke tse ka hahisang kereke.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Kaha le lona le labalabela dineo tsa Moya, batlang tse ngata tse tla matlafatsa phutheho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Ka mokgwa o jwalo, le lona, erekaha le tjhesehela dineo tsa Moya, le batle ka ho fetisisa hore le tle le atlehe ho haha phutheho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Ka mokgwa o jwalo, le lona, erekaha le tjhesehela dineo tsa Moya, le batle ka ho fetisisa hore le tle le atlehe ho haha phutheho.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 14:12
9 Referencias Cruzadas  

A re ke re batleng ke hona ditaba tse hlahisang kgotso, le tseo re ka hahisanang hammoho ka tsona.


Hara dineo tseo, a le keng le tjhesehelleng tse fetisang ka molemo; empa ke sa tla le bontsha tsela e fetisisang.


Mme ponahatso ya Moya e newa e mong le e mong, e tle e be molemo wa bohle.


Phehellang lerato. Leha ho le jwalo, le tjhesehelle dineo tsa Moya, haholo ya ho porofeta.


Ka baka leo, ke re: Ya buang ka puo a rapele hore a tsebe ho fetola.


Ana ke re, ho be jwang, banabeso? Ke re: Kamehla yohle ha le phutheha, e mong le e mong ho lona o na le pesaleme, leha e le thuto, kapa puo, leha e le tshenolo, leha e le phetolo; tsohle di etsetswe kgahiso.


Ke rata ha le ka bua bohle ka dipuo, empa haholoholo ke rata ha le ka porofeta; hobane ya porofetang o fetisa ya buang ka dipuo, haese ha eo a ka fetola, kereke e tle e fumane kgahiso.


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos