Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 12:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Tjhe, empa ditho tsa mmele tseo e kang di fetisa ka ho fokola, ke tsona tse hlokwang haholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Esita le ditho tsa mmele tseo e kang di fokola haholo, ke tsa bohlokwa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Empa, haholoholo ditho tsa mmele tse bonahalang di fokola haholo, ke tsona tse hlokahalang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Empa, haholoholo ditho tsa mmele tse bonahalang di fokola haholo, ke tsona tse hlokahalang.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 12:22
8 Referencias Cruzadas  

Kganya ya morena ke bongata ba batho; empa ho hlokahala ha bona ke tshenyeho ho ngwana morena.


Molemo o moholo wa naha e nngwe ke hore morena a be teng ya disang naha e lemilweng.


Leihlo le ke ke la re ho letsoho: Ha ke o hloke; hape, hlooho e ke ke ya re ho maoto: Ha ke le hloke.


Mme ditho tsa mmele tseo re lekanyang hoba ha di na ho hlonephuwa, ke tsona tseo re di apesang ka hlonepho, mme ditho tsa rona tse leng mpe, ke tsona tse nang le hlompho e tlodisang.


re ntse re thuswa ke thapelo eo le ntseng le re etsetsa yona, hore mohau oo re o batlelwang ke batho ba bangata, o lebohelwe rona ke ba bangata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos