Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 12:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Hobane jwalokaha mmele o le mong, mme o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele o leng mong, leha di le ngata, e le mmele o le mong feela, Kreste le yena o jwalo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Jwalokaha mmele o le mong o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele, leha di le ngata, e le tsa mmele o le mong, le yena Kreste o jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Hobane jwaloka ha mmele o le mong, o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele o le mong, leha di le ngata, e le mmele o le mong, le Kreste o jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Hobane jwaloka ha mmele o le mong, o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele o le mong, leha di le ngata, e le mmele o le mong, le Kreste o jwalo.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 12:12
16 Referencias Cruzadas  

Rona, bao re leng bangata, re mmele o le mong, kahoba bohobe bo le bong feela; hobane bohle re ja bohobe boo bo le bong.


Empa jwale, ditho di ngata, mmele wona o mong.


Haele lona, le mmele wa Kreste, mme le ditho tse ding tsa hae.


Mme ponahatso ya Moya e newa e mong le e mong, e tle e be molemo wa bohle.


Mme jwale, dipallo di etseditswe Abrahama le leloko la hae; ha ho thwe, meloko, jwaloka hoja ho bolelwa e mengata, empa ka ho lekanya le le leng feela, ho itswe: Le ho leloko la hao, e leng Kreste.


Kereke e leng mmele wa hae, le phetheho ya ya phethang ntho tsohle ho bohle.


ho phethisisa bahalaledi, ho etsa tshebetso ya bodisa, ho hahisa mmele wa Kreste;


Mmele o mong, le Moya o mong, jwalokaha le bileditswe tebello e le nngwe ka ho bitswa ha lona.


hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha Kreste le yena e le hlooho ya kereke, mme ke yena Mmoloki wa mmele wa hae.


Hobane re ditho tsa mmele wa hae.


Hape, ke yena hlooho ya mmele, ya kereke, qalo le letsibolo ho bafu, a tle a be le tulo ya pele nthong tsohle.


Jwale, ke thabela mahloko a ntlhahelang ka baka la lona, mme ke phethisisa nameng ya ka ho setseng ha mahlomola a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.


a sa itshwarelle ka hlooho, eo mmele wohle, ha o ntse o fepjwa, mme o teanngwa hammoho ka dikopano tsa manonyello, o holang ka kgolo ya Modimo.


Mme kgotso ya Modimo, eo le e biletswang ho ba mmele o le mong, e buse pelong tsa lona; hape le be le teboho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos