Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 11:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Monna e mong le e mong ha a rapela, leha a porofeta, a rwetse hloohong, o tlotlolla hlooho ya hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Monna e mong le e mong ha a rapela kapa a porofeta a rwetse ho hong hloohong, o tlontlolla Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Monna e mong le e mong ya rapelang, kapa ya porofetang, a rwetse hloohong, o tlontlolla hlooho ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Monna e mong le e mong ya rapelang, kapa ya porofetang, a rwetse hloohong, o tlontlolla hlooho ya hae.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 11:4
11 Referencias Cruzadas  

Jwale Davida a nyoloha moepeng wa thaba ya Mehlwaare, a hlwa a ntse a lla, hlooho ya hae e kgurumeditswe, a tsamaya, a rotse le dieta, le setjhaba sohle se ho yena se ikgurumeditse dihlooho, se ehlwa se ntse se lla.


Haele morena, o ne a ikgurumeditse sefahleho, a ntse a meketsa ka lentswe le leholo, a re: Mora ka Absalome! Absalome, mora ka! mora ka!


hobane mora o nyedisa ntatae, moradi o tsohela mmae matla, ngwetsi e lwantsha matsala yona, mme ba ntlo ya motho ke bona bao e leng dira ho yena.


Baporofeta le baruti ba bang ba ne ba le teng Antioke, kerekeng ya teng Antioke, e le Barnabase, le Simone, ya reilweng Nigere, le Lusiuse, wa Sirene, le Manahene, ya neng a hodisitswe le Heroda moteterareke, le Saule.


Ha ke re, le tsona dipelo tsa lona di a le ruta hoba monna ha a hodisa moriri wa hae, ke ntho e dihlong ho yena?


Mme mosadi e mong le e mong ha a rapela, leha a porofeta, a sa rwale hloohong, o tlotlolla hlooho ya hae, hobane ke ntho e le nngwe le ha a beotswe.


E mong o newa tshebetso ya mehlolo, e mong boporofeta, e mong temoho ya meya, e mong dipuo tse mefuta, e mong phetolo ya dipuo.


Mme bao Modimo o ba beileng kerekeng, pele ke baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti, ho ntoo ba ba mehlolo, le dineo tsa phodiso, le ditshebeletso, le ditsamaiso, le mefuta ya dipuo.


Mme leha nka ba le neo ya boporofeta, kapa leha nka tseba diphiri tsohle le bohlale bohle, leha nka ba le tumelo yohle, ka ba ka falatsa le dithaba, ha ke se na lerato, ha ke letho.


Le se ke la nyedisa ho porofeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos