Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 11:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Ke ka baka leo ho nang le ba bangata ba fokolang, le ba kulang hara lona; mme ba bangata ba se ba bile ba shwele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 Ke ka baka leo ho nang le ba bangata hara lona, ba kulang le ba fokolang, mme ba bangata ba se ba shwele.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

30 Ke ka baka leo ho nang le ba bangata ba fokolang le ba kulang hara lona, mme ba bangata ba robetse.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Ke ka baka leo ho nang le ba bangata ba fokolang le ba kulang hara lona, mme ba bangata ba robetse.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 11:30
19 Referencias Cruzadas  

a re: Ekare ha o mamedisisa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o etsa se lokileng mahlong a hae, o sekehela taelong ya hae tsebe, o boloka melao yohle ya hae, etlaba mafu kaofela ao ke a tlisitseng hodima Baegepeta, ha ke sa a tlisa hodima hao, hobane ke nna Jehova, mooki wa hao.


ke re: Ke tsebile lona feela hara meloko yohle ya lefatshe; ka baka leo, ke tla le otla ka baka la makgopo a lona kaofela.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Kahobane le sa ka la dumela ho nna, la nkgalaletsa mahlong a bana ba Iseraele, le ke ke la finyeletsa phutheho ena lefatsheng leo ke le neileng lona.


Aarone o sa ya orosetswa ho ba tjhaba sa hae; hobane a ke ke a kena fatsheng leo ke le neang bana ba Iseraele, ka baka la hobane le kile la hanyetsa taelo ya ka metsing a Meriba.


Athe haele Davida, eitse hobane a phethe ho ratwang ke Modimo ho pheleng ha hae, o ithobaletse, a ba a patwa ho bontatae, mme o bone ho bola.


A ntoo kgumama, a howa ka lentswe le leholo, a re: Morena, o se ke wa ba balla sebe sena! Yare ha a buile jwalo, a ithoballa.


Hobane ya jang, le ya nwang ka mokgwa o sa tshwanelang, o itjella, o inwella tsuo, hobane a sa lemohe mmele wa Morena.


Hobane hoja re a ikahlola, ke moo re ka beng re sa ahlolwe.


Empa ha re ahlolwa, re lauwa ke Morena, re tle re se ke ra tsuwa le lefatshe.


Bonang, ke le bolella sephiri: ha re ka ke ra robala bohle, empa re tla fetoha bohle,


Hobane ha re dumetse hoba Jesu o kile a shwa, a ba a tsoha, le hona re tshwanetse ho dumela hoba ba ithobaletseng, Modimo o tla ba tsosa ka Jesu, mme o ba hlahise le yena.


Nna, ke kgalemela, ke laya bohle bao ke ba ratang; o be le tjheseho hle, mme o bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos