Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 11:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Efela kamehla yohle, ha le eja bohobe boo, mme le nwela senwelong seo, etlaba le bolela lefu la Morena, a tle a be a fihle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Kamehla ha le eja bohobe bona, mme le nwela senwelong sena, le phatlalatsa lefu la Morena ho fihlela a kgutla.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Hobane kamehla ha le ja bohobe bona, le nwa senwelo sena, le ntse le bolela lefu la Morena, a be a fihle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Hobane kamehla ha le ja bohobe bona, le nwa senwelo sena, le ntse le bolela lefu la Morena, a be a fihle.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 11:26
16 Referencias Cruzadas  

Mme etlare ha ke se ke ile, ke le lokiseditse bodulo, ke tla boela ke boye, ke le nkele ho nna, hore moo nna ke leng teng, le lona le be teng.


Jesu a re ho yena: Ekare ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena? Wena, ntatele.


Kahoo, polelo ena ya nna ya tsamaya hara baena e reng, morutuwa eo ha a ka ke a shwa. Empa Jesu o ne a sa ka a mmolella hore yena a ke ke a shwa; empa o ne a itse: Ekare ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena?


ba re: Banna ba Galelea, le ntse le emetseng, le lelaletse lehodimong? Jesu eo ya nketsweng lehodimong a le hara lona, o tla be a tle ka mokgwa oo le mmoneng a eya lehodimong ka wona.


Empa e mong le e mong o tla tsoha nakong eo e leng ya hae; thakangwaha ke Kreste; hamorao ke bao e leng ba Kreste; ba tla tsoha ho tleng ha hae.


Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.


Hobane Morena ka sebele o tla theoha lehodimong ka mohoo, ka lentswe la arekangeloi, le ka terompeta ya Modimo, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.


ha a etla ho tlotliswa mohlang oo bahalaleding ba hae, le ho etswa ya makatsang ka bohle ba dumetseng; hobane bopaki ba rona hara lona bo amohetswe.


ka mokgwa o jwalo, le yena Kreste, ha a setse a ikentse pheko hang ho jara dibe tsa ba bangata, o tla bonwa la bobedi, a se na sebe, ke ba mo lebeletseng hore a ba pholose.


Letsatsi la Morena lona le tla tla ka mokgwa wa leshodu la bosiu, mme ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le tshabehang, mme metheo ya dintho e tla fediswa ke ho tjha, le lefatshe le tla tjha ruri le mesebetsi e ho lona.


Mme jwale, bana, dulang ho yena, hore, mohla a hlahang, re tle re be le tshepo e tiileng, mme re se ke ra swaba pela hae ho hlaheng ha hae.


Le bona ba porofetilwe ke Henoke, monna wa bosupa ha ho qalwa ka Adama, ka ho re:


Bonang, o tla ka maru, mme mahlo wohle a tla mmona, le bona ba mo hlabileng; mme ba mefuta yohle ya lefatshe ba tla swaba ka baka la hae. E, Amen!


Ya pakang ditaba tseo o re: E, ke tla kapele. Amen! Tloo, Morena Jesu!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos