Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 10:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ha le eso ho ka le hlahelwa ke moleko o sa lekaneng motho; empa Modimo o a tshepeha, o ke ke wa dumela hore le hlahelwe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tswa ho wona, le tle le tsebe ho o jara.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Ha ho meleko e kileng ya le hlahela, e fetang matla a botho. Modimo o a tshepahala, mme a ke ke a dumela hore le lekwe ho feta matla a lona. Ha le lekwa o tla le fa matla a ho mamella, le monyetla wa hore le tsebe ho hlola.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Ha le eso ho ka le hlahelwa ke moleko o sa tlwaelehang ho batho; empa le moleko o tla le bea sebaka sa ho phonyoha, le tle le tsebe ho o jara.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Ha le eso ho ka le hlahelwa ke moleko o sa tlwaelehang ho batho; empa le moleko o tla le bea sebaka sa ho phonyoha, le tle le tsebe ho o jara.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 10:13
48 Referencias Cruzadas  

Moya wa rona o phonyohile jwaloka nonyana lerabeng la motshwasi; leraba le ne le kgaohe, ra phonyoha.


Hobane lere la bolotsana le ke ke la dula kabelong ya ba lokileng, esere mohlomong ba lokileng ba otlollela bokgopo matsoho a bona.


Jehova, mohau wa hao o phahame ho isa mahodimong le botshepehi ba hao ho isa marung.


empa nke ke ka ba amoha mohau wa ka, mme nke ke ka etsa botshepehi ba ka leshano;


mme ke itse: Ke tla le ntsha mahlomoleng a Egepeta, ke le ise lefatsheng la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baferese, le la Baheve, le la Bajebuse, lefatshe le kollang lebese le dinotshi.


Ho loka e tla ba senyepa thekeng la hae, nnete e be leqhama maphakong a hae.


Jehova, o Modimo wa ka, ke tla o hodisa, ke tumise lebitso la hao, hobane o entse diketso tse mehlolo; tseo o di rerileng kgale di bonahetse hoba ke nnete le ho tiya.


Jehova, Molopolli le Mohalaledi wa Iseraele, o rialo ho ya nyatistsweng ke bohle, ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mofo wa babusi: Marena a tla mmona, a eme; mahosana a tla kgumama pela hae ka baka la Jehova ya tshepehang, le la Mohalaledi wa Iseraele ya o kgethileng.


Ha esitile o beisa le ba maoto, mme ba o kgathaditse, na o ka beisa jwang le dipere? Mme ha o sa tshohe letho fatsheng la kgotso, na mahlakeng a Jordane o ka etsa jwang?


Hobane nna ke tseba mehopolo ya ka eo ke ntseng ke e hopotse bakeng sa lona, ho bolela Jehova, hobane ke mehopolo ya kgotso, e seng ya bobe, ke tle ke le nee qetello e molemo le se ka le tshepisang.


e nne e be teng ka hosasa ho hong le ho hong. Botshepehi ba hae bo boholo.


Bona, Modimo wa rona, oo re o sebeletsang, o na le matla a ho re lokolla seboping sa mollo o bohale, mme o fela o tla re lokolla letsohong la hao, morena.


ke o nyale le ho tshepeheng, mme o tla tseba Jehova.


o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe; [hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho se feleng. Amen!]


o re tshwarele dibe tsa rona, hobane le rona re tshwarela bohle ba re sitetsweng; o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe.


Ho fetisa tseo tsohle, selomo se seholo se beilwe mahareng a rona le lona, hore ba mona ba ka ratang ho tshelela ho lona ba sitwe, leha e le ba ho lona ha ba rata ho tla ho rona, ba sitwe le bona.


a re ho bona: Na le robetse keng? Tsohang, le rapele, hore le se kene molekong.


ba bang ba ithuse ka mamati, ba bang ka difate tse ding tsa sekepe; ka mokgwa oo, bohle ba fihla fatshe, ba pholoha.


Modimo, o le bileditseng kopanong le Mora wa wona Jesu Kreste, Morena wa rona, o hlile o a tshepeha.


e leng wona o re pholositseng lefung le lekalo, mme o sa ntse o re pholosa, mme re tshepile hoba o sa tla nne o re pholose,


Tseba ka hona hobane Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo, Modimo o tshepehang, o bolokelang ba o ratang, ba bolokang ditaelo tsa wona, selekane le mohau ho isa melokong e sekete;


Ya le bitsang o a tshepeha, ke yena ya tla etsa le hona.


Empa Morena o a tshepeha; ke yena ya tla le tiisa le ho le sireletsa ho e mobe.


Mme Morena o tla nne a nnamolele mesebetsing yohle e mebe, mme o tla mpolokela ho kena mmusong wa hae o lehodimong. Ho yena e be kganya ka ho sa feleng. Amen!


A re tiiseng kano ya tumelo ya rona, re se na ho sisinyeha; hobane ya re tshepisitseng o a tshepeha.


Ka tumelo, Sara le yena o filwe matla a ho emola peo, a ba a tswala a se a tsofetse, kahobane a ne a dumetse hoba ya mmaletseng ke ya tshepehang.


Ha le eso ho lwane madi a ba a hlaha, ntweng eo le e lwanang le sebe.


hore rona, ba phallelang tshepo eo re e beetsweng pele, re be le tshediso e fetisang ka ho tiya ka baka la ntho tse pedi tse sa sisinyeheng, tseo Modimo o neng o ke ke wa etsa leshano ho tsona.


Ka baka leo, ba utlwiswang bohloko ka ho rata ha Modimo, ba bee meya ya bona matsohong a wona, kahobane e le Mmopi ya tshepehang, mme ba nne ba tiisetse ho etsa hantle.


ke moo ho bonahalang hobane Morena o tseba ho lwela barapedi molekong, le ho bolokela bakgopo hlokofatso ya letsatsi la kahlolo;


Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o a tshepeha, o lokile, hore o re tshwarele dibe, mme o re hlatswe bokgopo bohle.


Yaba ke bona lehodimo le bulwa, mme ha hlaha pere e tshweu, mme ya e kaletseng o bitswa Motshepehi le Wa nnete; o ahlola, o lwana ka ho loka.


O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.


Erekaha o bolokile lentswe la mamello ya ka, le nna ke tla o lwela nakong ya moleko, o tlang ho hlahela lefatshe kaofela, ho leka ba ahileng lefatsheng.


Jwale, o ke o tsohele hosasa le bona bahlanka ba monga hao ba tsamayang le wena, mme ha le tsohetse hosasa, ha bo esa, le tsamaye.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos