Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 1:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ke tla fedisa bohlale jwa ba bohlale, ke fetole tsebo ya batsebi lefeela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 hobane ho ngotswe, ho thwe: “Ke tla timetsa bohlale ba bahlalefi, ke fedise kelello ya ba masene.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

19 Hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ke tla timetsa bohlale ba ba bohlale, mme kutlwisiso ya ba masene ke tla e etsa lefeela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ke tla timetsa bohlale ba ba bohlale, mme kutlwisiso ya ba masene ke tla e etsa lefeela.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 1:19
9 Referencias Cruzadas  

Ruri, baholo ba Tsowane ke mahlanya feela; kelello ya baeletsi ba Faro e fetohile bowatla. Le ka bolela jwang ho Faro, la re: Ke nna mora wa ba bohlale, mora marena a kgale?


Kutlwisiso e tla tloha pelong tsa Baegepeta, ke tla fedisa morero wa bona; ke moo ba tla botsa ditaba ho ditshwantsho tsa medimo, le ho baupelli, le ho ba nyollang bafu, le ho dinohe.


bonang, ka baka leo, ke tla eketsa ho etsa diketso tse makatsang, tse mehlolo hodima setjhaba sena, ho tle ho fele bohlale ba ba bohlale ba sona, ho timele kelello ya banna ba sona ba hlalefileng.


Ya ka beng a sa o tshabe ke mang, Morena wa ditjhaba? Hobane o lokelwa ke ho tshajwa, hobane hara ba hlalefileng kaofela ba ditjhaba le hara mebuso yohle ya tsona ha ho ya jwaloka wena.


Ba bohlale ba ya hlabiswa dihlong, ba thothomele, ba tshwarwe; bonang, ba kgesitse lentswe la Jehova, ba na le bohlale bofe?


Hobane bohlale ba lefatshe lena ke bohlanya pela Modimo; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tshwasa ba bohlale manong a bona.


Rona, re mahlanya ka baka la Kreste, empa lona, le bohlale ho Kreste; rona re a fokola, empa lona le matla; lona, le a bokwa, empa rona, re a kgeswa.


Banabeso, ke tshwantshitse taba tseo ka nna le ka Apolose, ka baka la lona, le tle le ithute ka rona hore le se ke la tlodisa se ngodilweng; hore ho se ke ha eba e mong hara lona ya ikgantshang ho e mong ke ho emela e mong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos