Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 9:4 - Baasraak Sotho NT

4 Ya laelwa hore e se ke ya senya jwang ba lefatshe, leha e le letho le letala, leha e le sefate sefe kapa sefe; haese feela banna ba se nang tiiso ya Modimo diphatleng tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Tsa bolellwa hore di se ke tsa senya jwang ba lefatshe, leha e le tsohle tse tala, leha e le difate tsohle; di mpe di tshwenye batho feela ba se nang letshwao la Modimo diphatleng tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Feela tsa laelwa hore di se ke tsa senya jwang, kapa ditlama dife kapa dife, kapa difate dife kapa dife; di mpe di senyetse batho feela ba sa tshwauwang ka letshwao la Modimo diphatleng tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Ya laelwa hore e se ke ya senya jwang ba lefatshe, leha e le letho le letala, leha e le sefate sefe kapa sefe; haese feela banna ba se nang tiiso ya Modimo diphatleng tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 9:4
15 Referencias Cruzadas  

Hobane ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka; hoo, hola ke ntho e ka etswang, ba ka thetsang le bona bakgethwa.


Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo le tshwauweng ka wona ho isa letsatsi la topollo.


Ka tadima, ka bona Konyana e eme thabeng ya Sione, e ena le ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mane a metso e mene, ba ngodilweng lebitso la Ntata yona diphatleng tsa bona.


Ka utlwa lentswe le le mahareng a dibopuwa tse phelang tse nne, le re: Kgala ya koro ka denare, le tekanyo tse tharo tsa harese ka denare; mme o se ke wa senya ole le veine.


Kamora tseo, ka bona mangeloi a mane a eme dikgutlong tse nne tsa lefatshe, a tshwere meya e mene ya lefatshe, hore moya o se ke wa fokela lefatsheng, leha e le lewatleng, kapa sefateng sefe kapa sefe.


Lengeloi la pele la letsa terompeta, mme ha latela sefako le mollo o kopantsweng le madi, mme tsa akgelwa lefatsheng, mme karolo ya boraro ya difate ya cha, le jwang bohle bo botala ba cha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos