Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 8:5 - Baasraak Sotho NT

5 Lengeloi la nka pitsa ya mokubetso, la e tlatsa ka mollo wa aletare, mme la e lahlela lefatsheng, mme ha eba le mantswe, le diaduma, le mahadima, le tshisinyeho ya lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Mme lengeloi la nka pitsa ya ho tjhesa dibano, mme la e tlatsa ka mollo wa aletare, mme la e akgela lefatsheng; ha ba ha hlaha mantswe, le diaduma, le mahadima, le tshisinyeho ya lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Yaba lengeloi le nka pitsa eo ho tjhesetswang mokubetso ka ho yona, le e tlatsa ka mollo o tswang aletareng, mme le e akgela lefatsheng. Ha eba le letolo, le medumo, le mahadima, le tshisinyeho ya lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Lengeloi la nka pitsa ya mokubetso, la e tlatsa ka mollo wa aletare, mme la e lahlela lefatsheng, mme ha eba le mantswe, le diaduma, le mahadima, le tshisinyeho ya lefatshe.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 8:5
24 Referencias Cruzadas  

Hobane setjhaba se tla tsohela setjhaba matla, mmuso o tsohele mmuso matla, mme ho tla ba le ditlala, le mafu a sewa, le ditshisinyeho tsa lefatshe nqalong tse ngata.


Ke tlile ho akgela mollo lefatsheng; mme ke tla reng, ha e se e hoteditswe?


Hanghang ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe, hoo metheo ya tjhankana ya ileng ya sisinyeha;


Eitse hobane ba rapele, nqalo ya reketla moo ba phuthehetseng teng; mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.


Ka yona nako eo ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe, mme karolo ya leshome ya motse ya wa, mme tshisinyehong eo ha bolawa batho ba dikete tse supileng, mme ba setseng ba tshoha, mme ba tlotlisa Modimo wa lehodimo.


Mme Tempele ya Modimo ya bulwa lehodimong, mme ha bonwa areka ya selekane sa wona ka tempeleng ya wona, mme ha eba le mahadima, le mantswe, le diaduma, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se seholo.


Teroneng ho ne ho etswa mahadima, le diaduma, le mantswe, le dilampi tse supileng tsa mollo tse tukang pela terone, e leng Meya e supileng ya Modimo.


Ka tadima ha e manolla tiiso ya botshelela, mme, bonang, ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe; letsatsi la fifala jwaloka lesela la mokotla le boya, mme kgwedi ya eba jwaloka madi;


Lengeloi le leng la tla, la ema pela aletare, le tshwere pitsa ya kgauta; a newa dibano tse ngata, hore a di nyehele hammoho le merapelo ya bahalaledi bohle aletareng ya kgauta e pela terone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos