Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 8:12 - Baasraak Sotho NT

12 Lengeloi la bone la letsa terompeta, mme karolo ya boraro ya letsatsi ya otlwa, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi; hoo karolo ea boraro ea tsona e ileng ea fifala, ’me motšehare ha oa ka oa chabela karolo ea boraro ea oona, le bosiu ka ho tšoanang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Lengeloi la bone la letsa terompeta ya lona; mme karolo ya boraro ya letsatsi ya otlwa, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi, e le hore ho fifale karolo ya boraro ya ntho tseo, mme ho fifale le karolo ya boraro ya lesedi la motshehare le la bosiu.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Lengeloi la bone la letsa terompeta, mme kotlo ya wela karolo ya boraro ya letsatsi, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi; e le hore ho fifatswe karolo ya boraro ya tsona. Ha fifala karolo ya boraro ya motsheare le ya bosiu ka ho tshwana.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Lengeloi la bone la letsa terompeta, mme karolo ya boraro ya letsatsi ya otlwa, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi; hoo karolo ea boraro ea tsona e ileng ea fifala, ’me motšehare ha oa ka oa chabela karolo ea boraro ea oona, le bosiu ka ho tšoanang.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 8:12
26 Referencias Cruzadas  

Hanghang kamora matshwenyeho a matsatsi ao letsatsi le tla fifala, mme kgwedi e ke ke ya fana ka lesedi la yona, dinaledi di tla wa lehodimong, le matla a mahodimo a tla sisinyeha.


Ho tloha ka hora ya botshelela lefifi la aparela lefatshe lohle ho isa ho hora ya boroba mono o le mong.


Empa matsatsing ao, kamora mahlomola ao, letsatsi le tla fifala, mme kgwedi e ke ke ya fana ka lesedi la yona.


Eitse ha hora ya botshelela e fihla, lefifi la aparela lefatshe lohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong.


Ho tla ba le dipontsho letsatsing, le kgweding, le dinaleding; le lefatsheng matshwenyeho a ditjhaba, a ntse a tsieleha; lewatle le maqhubu a duma;


Letsatsi le tla fetoha lefifi, le kgwedi e fetohe madi, pele letsatsi leo le leholo le hlokomelehang la Morena le fihla.


E leng bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa ba sa dumelang, hore lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo, le se ke la ba kganyetsa.


Mme mohatla wa yona o hulanya karolo ya boraro ya dinaledi tsa lehodimo, mme wa di lahlela lefatsheng;


Lengeloi la bohlano la tshollela nkgo ya lona hodima terone ya sebata; mme mmuso wa hae wa eba lefifi; mme ba itoma maleme ka baka la bohloko.


Ka tadima ha e manolla tiiso ya botshelela, mme, bonang, ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe; letsatsi la fifala jwaloka lesela la mokotla le boya, mme kgwedi ya eba jwaloka madi;


Yaba mangeloi a mane a lokollwa, a neng a lokiseditswe hora le letsatsi le kgwedi le selemo ho bolaya karolo ya boraro ya batho.


Karolo ya boraro ya batho ya bolawa ka tsena tse tharo, ka mollo, le ke mosi, le sebabole, tse tswang melomong ya tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos