Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 7:4 - Baasraak Sotho NT

4 Ka utlwa palo ya ba tshwailweng, mme ho tshwailwe ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mane a metso e mene ba meloko yohle ya bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Mme ka utlwa palo ya ba tshwailweng e le dikete tse lekgolo le nang le mashome a mane a metse e mene, e leng ba tshwailweng melokong yohle ya bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ka utlwa ho bolelwa palo ya ba tshwailweng e le ba dikete tse lekgolo le mashome a mane a metso e mene, ba tswang melokong yohle ya bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Ka utlwa palo ya ba tshwailweng, mme ho tshwailwe ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mane a metso e mene ba meloko yohle ya bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 7:4
17 Referencias Cruzadas  

Jesu a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Lona ba ntatetseng, mehleng ya ho tswalwa ha Mora motho, ha a se a dutse teroneng ya kganya ya hae, le lona le tla dula diteroneng tse leshome le metso e mmedi, le ahlola meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.


Mohlanka a re: Morena, ho entswe kamoo o laetseng kateng, mme sebaka se sa le teng.


hore le tle le je, le nwe tafoleng ya ka mmusong wa ka, mme le dule diteroneng, le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.


E leng seo meloko ya rona e leshome le metso e mmedi e tshepileng ho tla ho yona, ha ba ntse ba sebeletsa Modimo bosiu le motsheare. Ke ka baka la tshepo eo, morena Agripa, ke qoswang ke Bajuda.


Esaia le yena o howeletsa bakeng sa Iseraele, a re: Leha palo ya bana ba Iseraele e ka ba ka ka lehlabathe la lewatle, ho tla bolokeha masala;


Jakobo, mohlanka wa Modimo le wa Morena Jesu Kreste, ke ngolla meloko e leshome le metso e mmedi e qhalaneng, ke le dumedisa.


Ka tadima, ka bona Konyana e eme thabeng ya Sione, e ena le ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mane a metso e mene, ba ngodilweng lebitso la Ntata yona diphatleng tsa bona.


Ba bina sefela se setjha pela terone, le pela dibopuwa tse phelang tse nne, le baholo;


Ba leloko la Juda ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi. ba leloko la Rubene ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Gade ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi;


Palo ea makhotla a bapalami e ne e le likete tse makholo a mabeli; ’me ka utloa palo ea bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos