Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 3:10 - Baasraak Sotho NT

10 Kahobane o bolokile lentswe la mamello ya ka, le nna ke tla o boloka nakong ya moleko, o tlang ho tlela lefatshe lohle, ho leka ba ahileng lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Erekaha o bolokile lentswe la mamello ya ka, le nna ke tla o lwela nakong ya moleko, o tlang ho hlahela lefatshe kaofela, ho leka ba ahileng lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Kahobane o ile wa boloka lentswe la ka ka mamello, le nna ke tla o boloka ka nako ya ho lekwa ho tlang ho hlahela lefatshe lohle, ho leka baahi ba lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Kahobane o bolokile lentswe la mamello ya ka, le nna ke tla o boloka nakong ya moleko, o tlang ho tlela lefatshe lohle, ho leka ba ahileng lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 3:10
30 Referencias Cruzadas  

Mme Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang.


Fadimehang, le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa nama yona e a fokola.


O se ke wa re isa molekong, o mpe o re lopolle ho e mobe: Hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho sa feleng. Amen.


Kannete ke re ho lona: Hohle moo Evangeli ena e tla bolelwa teng lefatsheng lohle, seo a se entseng le sona se tla bolelwa, e be kgopotso ya hae.


Mehleng eo ha tswa taelo e tswang ho Cesare Augustase, ya hore lefatshe lohle le ngolwe.


Lebitso la hao ke le senoletse batho bao o nneileng bona lefatsheng: e ne e le ba hao, mme o nneile bona; mme ba bolokile lentswe la hao.


Sa pele, ke leboha Modimo wa ka ka Jesu Kreste bakeng sa lona bohle, hobane tumelo ya lona e bolelwa lefatsheng lohle.


Ha le eso ho ka le hlahelwa ke moleko o sa tlwaelehang ho batho; empa le moleko o tla le bea sebaka sa ho phonyoha, le tle le tsebe ho o jara.


Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, le tle le tsebe ho ikemela ka tsatsi le lebe, le ho ema, ha le entse tsohle.


Haeba re mamella, le rona re tla busa le yena;


Banabeso, na sefate sa feiye se ka beha ditholwana tsa mohlwaare na? kapa sefate sa morara, lifeiga? ka mokgwa o jwalo ha ho sediba se ka ntshang metsi a letswai le a monate.


Baratuwa, le se ke la makala ka baka la teko e tukang e le hlahelang, jwaloka hoja le hlahetswe ke ntho e makatsang.


Morena o tseba ho lopolla badumedi melekong, le ho bolokela ba kgopo ho fihlela letsatsi la kahlolo.


Nna Johanne, ke leng ngwanabo lona, ya abetsweng le lona matshwenyeho, le mmuso le mamello ya Jesu Kreste, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patmose, ka baka la Lentswe la Modimo, le ka baka la bopaki ba Jesu Kreste.


Mme ba ahileng lefatsheng ba tla thaba ka baka la bona, ba nyakalle, ba romelane dimpho; hobane baporofeta bao ba babedi ba ne ba hlokofatsa ba ahileng lefatsheng.


Ya isang kgolehong o tla ya kgolehong; ya bolayang ka lerumo o tla bolawa ka sabole. Ke moo ho nang le mamello le tumelo ya bahalaledi.


Se kgelosa ba ahileng lefatsheng ka mehlolo eo se filweng matla a ho e etsa pontsheng ya sebata; sa bolella ba ahileng lefatsheng, hore ba etsetse sebata setshwantsho, se nang le leqeba la sabole, mme sa phela.


Mme bohle ba ahileng lefatsheng ba tla se kgumamela, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng ho tloha ho theweng ha lefatshe.


Mona ke mamello ya bahalaledi: ba bolokang ditaelo tsa Modimo le tumelo ho Jesu.


Ka bona lengeloi le leng le fofa mahareng a lehodimo, le tshwere Evangeli e sa feleng, ho e bolella ba ahileng lefatsheng, le ditjhaba tsohle, le mefuta yohle, le dipuo tsohle, le merabe yohle.


Ke meya ya batemona e etsang mehlolo, e tswelang ho ya ho marena a lefatshe le a lefatshe lohle, ho a bokellela ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo o matla wohle.


eo marena a lefatshe a febileng le yona, le baahi ba lefatshe ba tahilweng ke veine ya bootswa ba hae.


Sebata seo o se boneng se ne se le teng, mme ha se yo; mme ba tla nyoloha sekoting, ba ye tahlehong: mme ba ahileng lefatsheng, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo haesale lefatshe le thewa, ba tla makala, ha ba bona sebata se neng se le teng, mme se le teng. ha e yo, mme leha ho le jwalo e teng.


O se ka wa boifa dilo tse o tla di bogang; bonang, Diabolo o tla latlhela bangwe ba lona mo ntlong ya kgolegelo gore lo lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho ka matsatsi a leshome: o tshepahale ho isa lefung, mme ke tla o nea moqhaka wa bophelo.


Ke tseba mesebetsi ya hao; bona, ke behile monyako o butsweng pela hao, oo ha ho motho ya ka o kwalang; hobane o na le matlanyana, mme o bolokile lentswe la ka, mme ha o a ka wa latola lebitso la ka.


Ba howa ka lentswe le leholo, ba re: Morena ya halalelang, wa nnete, ho fihlela neng, o sa ahlolele ba ahileng lefatsheng madi a rona?


Ka tadima, mme ka utlwa lengeloi le fofang mahareng a lehodimo, le bua ka lentswe le phahameng, le re: Ho madimabe, ho madimabe, ho madimabe ba ahileng lefatsheng ka baka la mantswe a mang a terompeta ya mangeloi a mararo a sa ntseng a le teng. ho utloahala!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos