Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 21:4 - Baasraak Sotho NT

4 Mme Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona; mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko: hobane tsa pele di fetile.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le eba teng; mme ha ho sa tla ba maswabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele di fetile.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, esita le mahlomola, kapa dillo, kapa bohloko, hobane tsa kgale di fetile.”

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Mme Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona; mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko: hobane tsa pele di fetile.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 21:4
26 Referencias Cruzadas  

Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa mantswe a ka a ke ke a feta.


Lenaba la mafelelo le le tlago fedišwa ke lehu.


le ba sebedisang lefatshe lena, ba be jwaloka hoja ba sa le sebedise; hobane sebopeho sa lefatshe lena se a feta.


Ka baka leo, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha: tsa kgale di fetile; bonang, tsohle di ntjhafetse.


Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, ho bolela Jehova, le se ke la ama sesila; mme ke tla le amohela,


Mme lentswe lena le reng: Hang hape, le bolela ho tloswa ha tse sisinyehang, jwaloka tse entsweng, ho tle ho dule tse sa sisinyeheng.


Empa letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu la bosiu; ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le leholo, mme metheo e tla qhibidiha ke mocheso o tjhesang, mme lefatshe le mesebetsi e ho lona e tla tjha.


Lefatshe le a feta le ditakatso tsa lona, empa ya etsang thato ya Modimo o hlola ka ho sa feleng.


Lewatle la ntsha bafu ba ho lona; mme lefu le nqalo ya bafu tsa ntsha bafu ba ho tsona: mme ba ahlolwa e mong le e mong ka mesebetsi ya hae.


Lefu le dihele tsa akgelwa letsheng la mollo. Lena ke lefu la bobedi.


Yaba ke bona lehodimo le letjha le lefatshe le letjha, hobane lehodimo la pele le lefatshe la pele di ne di fetile; mme lewatle le ne le se le le siyo.


Ha ho sa tla hlola ho eba le thohako, empa terone ya Modimo le ya Konyana e tla ba ho wona; mme bahlanka ba hae ba tla mo sebeletsa;


Hobane Konyana e mahareng a terone e tla ba disa, mme e tla ba isa didibeng tsa metsi a phelang, mme Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos