Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 2:9 - Baasraak Sotho NT

9 Ke tseba mesebetsi ya hao, le matshwenyeho a hao, le bofutsana ba hao, (empa o ruile), mme ke tseba le dinyefolo tsa ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, empa e le sinagoge ya Satane.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ke tseba mesebetsi ya hao, le matshwenyeho a hao, le bofutsana ba hao, leha o mpa o le morui; ke tseba le dinyefolo tsa ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, empa e le sinagoge ya Satane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 o re: Ke tseba matshwenyeho le bofutsana ba hao; leha ho le jwalo, o ruile. Ke tseba dinyefolo tsa ba reng ke Bajuda, empa e se bona, e le ba phutheho ya Satane.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Ke tseba mesebetsi ya hao, le matshwenyeho a hao, le bofutsana ba hao, (empa o ruile), mme ke tseba le dinyefolo tsa ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, empa e le sinagoge ya Satane.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 2:9
29 Referencias Cruzadas  

Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.


Ho joalo le ka ea ipolokelang letlotlo, empa a sa ruela ho Molimo.


Le tse ding tse ngata tsa mo nyefola.


Moya wa Morena o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana Evangeli; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba holehilweng tokoloho, le difofu hore di boele di bone, le ho lokolla ba hateletsweng.


A lelaletsa mahlo a hae ho barutuwa ba hae, a re: Ho lehlohonolo lona bafumanehi, hobane mmuso wa Modimo ke wa lona.


Ke le boleletse taba tseo, hore le be le kgotso ho nna. Mo lefatsheng le tla ba le matshwenyeho: empa betang pelo; Ke hlotse lefatshe.


ba tiisa meya ya barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, le hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.


Mme ka ba otla hangata sinagogeng e nngwe le e nngwe, ka ba qobella ho nyefola; mme erekaha ke ne ke ba halefetse ka ho fetisisa, ka ba hlorisa ho isa metseng ya ditjhaba.


Thabang tšepong; mamello matshwenyehong; le phehelle thapelong;


Bona, o bitswa Mojuda, mme o itshetlehile ka molao, mme o ithorisa ka Modimo;


Mme e seng hoo feela, empa re ithorisa le ka ditsietsi;


Ke mang ya tla re arohanya le lerato la Kreste? A ke matshwenyeho, kapa ditsietsi, kapa mahloriso, kapa tlala, kapa tlhobolo, kapa kotsi, kapa sabole?


Eseng jwaloka hoja lentswe la Modimo le hlolehile ho sebetsa. Hobane hase Baiseraele bohle ba tswileng ho Iseraele;


re le ba hlomohileng, empa re ntse re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; jwaloka hoja re se na letho, athe re ruile dintho tsohle.


Hobane mohla teko e kgolo ya mahloreho, thabo e kgolo ya thabo ya bona le bofutsana ba bona bo tebileng bo atetseng letlotlo la ho fana ha bona.


Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hore, leha a ne a ruile, o ile a futsaneha ka baka la lona, hore lona ka bofuma ba hae le tle le rue.


Hobane kannete, mohla re sa na le lona, re kile ra le bolella pele hore re tla hloriswa; jwalokaha ho etsahetse, le lona le a tseba.


Ke ne ke le monyefodi, le mohlorisi, le monyefodi pele;


hore ba etse se molemo, ba rue mesebetsing e metle, ba ikemisetse ho aba, ba rate ho arolelana;


Nna Johanne, ke leng ngwanabo lona, ya abetsweng le lona matshwenyeho, le mmuso le mamello ya Jesu Kreste, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patmose, ka baka la Lentswe la Modimo, le ka baka la bopaki ba Jesu Kreste.


Ke tseba mesebetsi ya hao, le moo o ahileng teng, e leng moo terone ya Satane e leng teng; mme o tiiseditse lebitso la ka, mme ha o a ka wa latola tumelo ya ka, mehleng eo Antipase e neng e le paki ya ka e tshepehang, ya ileng a bolawa hara lona, moo Satane a ahileng teng.


Ke tseba mesebetsi ya hao, le mokgathala wa hao, le mamello ya hao, le kamoo o sitwang ho mamella ba babe;


Empa ke re ho lona, le ba bang ba Thiatire, ba se nang thuto eo, ba sa kang ba tseba matebo a Satane, kamoo ba a bolelang kateng; nke ke ka le bea mojaro o mong.


Bona, ke tla o neela ba sinagoge ya Satane, ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, ba mpa ba bua leshano; bona, ke tla etsa hore ba tle ba kgumame pela maoto a hao, mme ba tle ba tsebe hoba ke o ratile.


Ka re ho yena: Morena, ke wena o tsebang. A re ho nna: Bana ke ba tswang mahlomoleng a maholo, mme ba hlatswitse diaparo tsa bona tse telele, ba di sweufatsa mading a Konyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos