Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 19:4 - Baasraak Sotho NT

4 Baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, le dibopuwa tse phelang tse nne, ba itihela fatshe, ba kgumamela Modimo o dutseng teroneng, ba re: Amen! Alleluya.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, le dibopuwa tse phelang tse nne, ba wa ka difahleho, ba kgumamela Modimo o dutseng teroneng, ba re: Amen! Alleluya!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, le dibopuwa tse nne tse phelang, ba itihela fatshe, ba kgumamela Modimo ya dutseng teroneng, ba re: “Amen, Haleluja!”

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, le dibopuwa tse phelang tse nne, ba itihela fatshe, ba kgumamela Modimo o dutseng teroneng, ba re: Amen! Alleluya.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 19:4
20 Referencias Cruzadas  

le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona; mme bonang, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe. Amen.


O se ke wa re isa molekong, o mpe o re lopolle ho e mobe: Hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho sa feleng. Amen.


Ho seng jwalo, ha o boka ka moya, ya dutseng tlung ya motho ya sa rutehang o tla re jwang “Amen” tebohong ya hao, athe ha a utlwisise seo o se bolelang?


Mme se seng sa dibopuwa tse phelang tse nne sa nea mangeloi a supileng dinkgo tse supileng tsa kgauta, tse tletseng kgalefo ya Modimo o phelang ka ho sa feleng.


Kamora tseo, ka utlwa lentswe le leholo la bongata bo boholo lehodimong, le re: Haleluya! Poloko, le kganya, le hlompho, le matla, ke tsa Jehova, Modimo wa rona;


Ba boela ba re: Haleluya. Mme mosi wa hae o nyoloha kamehla le mehla.


Ka utlwa eka lentswe la letshwelehadi, le modumo o kang wa metsi a mangata, le jwaloka modumo wa letolo le matla, le re: Haleluya!


Mme dibopuwa tse phelang tse nne tsa re: Amen! Mme baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba itihela fatshe, ba kgumamela ya phelang ka ho sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos