Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 13:5 - Baasraak Sotho NT

5 Ya fuwa molomo o buang ditaba tse kgolo, le dinyefolo; mme sa newa matla a ho etsa jwalo ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Sa newa molomo o bolelang ditaba tse kgolo, le dinyefolo; mme sa fuwa matla a ho lwana ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Sebatana seo se ile sa dumellwa ho bua ka boikakaso le ka ho nyefola, sa newa matla a ho sebetsa ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Ya fuwa molomo o buang ditaba tse kgolo, le dinyefolo; mme sa newa matla a ho etsa jwalo ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 13:5
17 Referencias Cruzadas  

Ho se be motho ya le kgelosang ka mokgwa ofe kapa ofe, hobane letsatsi leo le ke ke la tla, ntle le hore ho kgelohe pele ho tle, mme monna eo wa sebe a senolwe, mora tahleho;


Ke yena ya hanyetsang, ya iphahamisang kahodimo ho tsohle tse bitswang Modimo, kapa tse kgumamelwang; hoo yena jwaloka Modimo a dutseng tempeleng ya Modimo, a iponahatsa e le Modimo.


Ke moo ho tla senolwa ya kgopo, eo Morena a tlang ho mo timetsa ka moya wa molomo wa hae, mme a mo fedise ka ponahalo ya ho ba teng ha hae.


Etlare hobane ba qete bopaki ba bona, sebata se nyolohang sekoting, se tla ba lwantsha, mme se tla ba hlola, se ba bolaye.


Mosadi a newa mapheo a mabedi a ntsu e kgolo, hore a tle a fofele lefeelleng, tulong tsa hae, moo a fepuwang ka nako, le dinako, le halofo ya nako, a le hole le noha.


Mosadi a balehela feelleng, moo a nang le nqalo e lokiseditsweng ke Modimo, hore a tle a mo fepe teng ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng.


Sa newa ho lwantsha bahalaledi, le ho ba hlola, mme sa newa matla hodima mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba ditjhaba tsohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos