Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 13:2 - Baasraak Sotho NT

2 Sebata seo ke se boneng se ne se le jwaloka lengau, le maoto a sona eka maoto a bere, le molomo wa sona o le molomo wa tau;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Sebata seo ke se boneng se ne se tshwana le lengau; maoto a sona a ne a le jwaloka maoto a bere, mme molomo wa sona o ne o le jwaloka molomo wa tau; mme drakone ya se fa matla a yona, le terone ya yona, le borena bo boholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Sebatana seo ke ileng ka se bona se ne se tshwana le lengau, maro a sona a ne a le jwaloka maro a bere, molomo wa sona o le jwaloka molomo wa tau. Kganyapa ya se nea matla a yona, le terone ya yona, le borena bo boholo ba yona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Sebata seo ke se boneng se ne se le jwaloka lengau, le maoto a sona eka maoto a bere, le molomo wa sona o le molomo wa tau;

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 13:2
27 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, Morena o ile a ema le nna, mme a mpha matla; e le hore ka ’na molaetsa o ka tsebahatsoa ka botlalo, le hore lichaba tsohle li utloe: ’me ka lopolloa molomong oa tau.


Le hlaphohelwe, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a potoloha jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang;


Mme drakone, ha e bona hobane e dihetswe lefatsheng, ya hlorisa mosadi ya belehileng ngwana e motona.


Noha ya hlatsa metsi a jwaloka noka molomong wa yona kamora mosadi, hore e tle e mo shwele ke noka.


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, mothetsi wa lefatshe lohle, ya dihelwa; ya dihelwa fatshe, le mangeloi a yona.


Se sebelisa matla ’ohle a sebata sa pele ka pel’a sona, ’me sa etsa hore lefatše le ba ahileng ho lona ba rapele sebata sa pele, seo leqeba la sona le bolaeang le ileng la fola.


Ba kgumamela drakone, kahobane e neile sebata matla, mme ba kgumamela sebata, ba re: Ke mang ya tshwanang le sebata? ke mang ya ka tsebang ho mo lwantsha?


Lengeloi la bohlano la tshollela nkgo ya lona hodima terone ya sebata; mme mmuso wa hae wa eba lefifi; mme ba itoma maleme ka baka la bohloko.


Mme dinaka tse leshome tseo o di boneng ke marena a leshome a esong ho amohele mmuso; empa le tla amohela matla e le marena ka hora e le nngwe le sebata.


Sebata sa tshwarwa, hammoho le moporofeta wa bohata, ya entseng mehlolo pela sona, eo ka yona a kgelositseng ba amohetseng letshwao la sebata, le ba kgumamelang setshwantsho sa sona. Bao ka bobedi ba akgelwa ba ntse ba phela letsheng la mollo o tukang sebabole.


Ke tseba mesebetsi ya hao, le moo o ahileng teng, e leng moo terone ya Satane e leng teng; mme o tiiseditse lebitso la ka, mme ha o a ka wa latola tumelo ya ka, mehleng eo Antipase e neng e le paki ya ka e tshepehang, ya ileng a bolawa hara lona, moo Satane a ahileng teng.


La tshwara drakone, noha ya kgale, e leng Diabolose le Satane, la e tlama ka dilemo tse sekete;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos