Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 10:6 - Baasraak Sotho NT

6 Mme a hlapanya ka ya phelang ka ho sa feleng, ya hlodileng lehodimo, le tse ho lona, le lefatshe, le tse ho lona, le lewatle, le tse ho lona, hore nako e ke ke ya hlola e eba teng. nako e telele:

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 mme la hlapanya ka ya phelang kamehla le mehla, ya bopileng lehodimo le tse ho lona, le lefatshe le tse ho lona, le lewatle le tse ho lona, hore tieho ha e sa tla ba teng;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 la hlapanya ka ya phelang kamehla le mehla, ya hlotseng lehodimo le tsohle tse ho lona, le lefatshe le tsohle tse ho lona, le lewatle le tsohle tse ho lona, la re: “Tieho ha e sa tla ba teng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Mme a hlapanya ka ya phelang ka ho sa feleng, ya hlodileng lehodimo, le tse ho lona, le lefatshe, le tse ho lona, le lewatle, le tse ho lona, hore nako e ke ke ya hlola e eba teng nako e telele:

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 10:6
14 Referencias Cruzadas  

Ke nna ya phelang, mme ke ne ke shwele; mme, bona, ke phela ka ho sa feleng, Amen; mme ke na le dinotlolo tsa lefu le dihele.


Ka baka leo, thabang, lona mahodimo, le lona ba ahileng ho wona. Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng! hobane Diabolose o theohetse ho lona a halefile hampe, kahobane a tseba hobane nako ya hae ha e sa le ekae.


Lengeloi la bosupa la tshollela nkgo ya lona moyeng; mme lentswe le leholo la tswa tempeleng ya lehodimo, teroneng, le re: Ho etsahetse!


A re ho nna: Ho etsahetse. Ke ’na Alfa le Omega, qalo le qetello. Ea nyoriloeng ke tla mo fa feela seliba sa metsi a bophelo.


Baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba itihela fatshe pela Ya dutseng teroneng, mme ba kgumamela ya phelang ka ho sa feleng, mme ba lahlela meqhaka ya bona pela terone, ba re:


Morena, o loketswe ke ho newa kganya, le hlompho, le matla;


Mme etlare ha dibatana tseo di tlotlisa Ya dutseng teroneng, ya phelang ka ho sa feleng, le hlompho, le diteboho.


E mong le e mong a newa diaparo tse tshweu; mme ba bolellwa hore ba phomole ho se hokae, ho fihlela ho phetheha bahlanka ba bang le bona, le banababo bona, ba neng ba tla bolawa jwaloka bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos