Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 1:7 - Baasraak Sotho NT

7 Bonang, o tla ka maru; mme mahlo wohle a tla mmona, le ba mo hlabileng; Leha ho le joalo, Amen.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Bonang, o tla ka maru, mme mahlo wohle a tla mmona, le bona ba mo hlabileng; mme ba mefuta yohle ya lefatshe ba tla swaba ka baka la hae. E, Amen!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Ke eo a etla a le hara maru, mme mahlo a bohle a tla mmona, esita le bona ba mo hlabileng, mme meloko yohle ya lefatshe e tla mo llela. E! A ho be jwalo!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Bonang, o tla ka maru; mme mahlo wohle a tla mmona, le ba mo hlabileng; Leha ho le joalo, Amen.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 1:7
36 Referencias Cruzadas  

Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.


Ke moo pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong, mme meloko yohle ya lefatshe e tla lla, mme e tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo ka matla le kganya e kgolo.


Mohla Mora motho a tlang ka kganya ya hae, a ena le mangeloi a halalelang kaofela, ke moo a tla dula teroneng ya kganya ya hae.


Jesu a re ho yena: O boletse;


Jwale ba tla bona Mora motho a etla ka maru ka matla a maholo le kganya.


Jesu a re: Ke yena;


Jwale ba tla bona Mora motho a etla ka leru ka matla le kganya e kgolo.


Empa e mong wa bahlabani a mo hlaba lehlakore ka lerumo, mme hanghang ha tswa madi le metsi.


Hape, lengolo le leng le re: Ba tla tadima eo ba mo hlabileng.


le ho lebella Mora wa hae ho tswa lehodimong, eo a mo tsositseng bafung, e leng Jesu, ya re lopolotseng bohaleng bo tlang ho tla.


Jwale rona ba phelang ba saletseng morao, re tla nkelwa marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng, mme kahoo re tla ba le Morena kamehla.


Le lekanya hakakang, ha le ka lekanya hore o lokelwa ke kotlo e fetisang hakakang, ya hatang Mora wa Modimo ka maoto, a nkang madi a selekane, ao a halaleditsweng ka wona, e le ntho e sa halaleleng, mme a nyedisitse Moya. tsa mohau?


Haeba ba ka kweneha, ho ba ntjhafaletsa pakong; ka ha ba boela ba thakgisa Mora wa Modimo, mme ba mo hlabisa dihlong pepeneneng.


Baratuwa, jwale re bana ba Modimo, mme ha ho eso bonahatswe seo re tla ba sona; hobane re tla mmona kamoo a leng kateng.


Le Henoke, wa bosupa ho tloha ho Adama, o porofetile tsa bona, a re: Bonang, Jehova o tla le bahalaleli ba hae ba diketekete.


Ya pakang taba tseo o re: Ruri, ke tla kapele. Amen. Leha ho le jwalo, tloo, Morena Jesu.


Ba tla bona sefahleho sa hae; mme lebitso la hae le tla ba diphatleng tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos