Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tite 1:3 - Baasraak Sotho NT

3 Empa o bonahaditse lentswe la hae ka nako e loketseng ka molaetsa oo ke o neilweng ka taelo ya Modimo, Mopholosi wa rona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 mme o senotse nakong ya teng lentswe la wona, ka polelo eo ke e laetsweng ka taelo ya Modimo, Mmoloki wa rona,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ka nako ya teng a senola molaetsa wa hae, oo ke tshepetsweng ho o phatlalatsa ka taelo ya Modimo, Mopholosi wa rona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Empa o bonahaditse lentswe la hae ka nako e loketseng ka molaetsa oo ke o neilweng ka taelo ya Modimo, Mopholosi wa rona.

Ver Capítulo Copiar




Tite 1:3
39 Referencias Cruzadas  

A re: “Nako e phethehile, mmuso wa Modimo o atametse; bakang, mme le dumele Evangeli.


Mme Evangeli e tshwanetse ho bolelwa pele hara ditjhaba tsohle.


A re ho bona: Eyang ka lefatshe lohle, le bolelle babopuwa bohle Evangeli.


Mme moya wa ka o ithabela ho Modimo, Mopholosi wa ka.


Lentswe leo Modimo a le rometseng ho bana ba Iseraele, a bolela kgotso ka Jesu Kreste, e leng yena Morena wa bohle.


O entse ditjhaba tsohle tsa batho ho tswa mading a le mong, hore di ahe hodima lefatshe lohle, mme o rerile dinako tse beilweng pele, le meedi ya ho aha ha tsona;


ka matla a dipontsho le meeka, ka matla a Moya wa Modimo; hoo ke bileng ka bolela Evangeli ya Kreste ka botlalo, ho tloha Jerusalema le mathoko a yona ho ya fihla Ilirike.


Jwale, ho yena ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le ka thero ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se patilwe ho tloha mehleng ya boholoholo.


Empa jwale e bonahaditswe, le ka Mangolo a baporofeta, ho ya ka taelo ya Modimo o sa feleng, ho tsebiswa ditjhaba tsohle ho utlwa ho latela tumelo.


Hobane ha re ne re se na matla, Kreste ka nako e loketseng a shwela ba kgopo.


Hobane ha ke etsa hoo ka ho rata, ke na le moputso;


Empa eitse hobane nako e phethehe, Modimo wa roma Mora wa hae, ya tswetsweng ke mosadi, ya tswetsweng tlasa molao;


e le hore tsamaisong ya nako e tletseng a tle a bokelle nthong tsohle ho Kreste, tse mahodimong le tse lefatsheng; le ka ho yena:


Mme a tla, a le bolella kgotso, lona ba neng ba le hole, le kgotso ho ba haufi.


hoo ditlamo tsa ka ho Kreste di tle di bonahale tlung yohle ya borena le nqalong tse ding tsohle;


Ekare ha le tiisetsa tumelong, le theilwe, le tiile, mme le sa suthe tshepong ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e bolellwang dibopuwa tsohle tse tlasa lehodimo; eo nna Paulosi ke entsweng mosebeletsi wa yona;


tse tlileng ho lona, jwalokaha di ntse di le teng lefatsheng lohle; mme le beha ditholwana, jwalokaha le etsa le ho lona, haesale le utlwahala, la tseba mohau wa Modimo ka nnete;


Empa jwalokaha re le ba dumetsweng ke Modimo ho bewa boikarabelo ba Evangeli, re bua jwalo; e seng jwaloka ho kgahlisa batho, empa e le ho kgahlisa Modimo, ya lekang dipelo tsa rona.


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka taelo ya Modimo, Mopholosi wa rona, le ya Morena Jesu Kreste, tshepo ya rona;


ho ya ka Evangeli ya kganya ya Modimo o bokwang, eo ke e beetsweng.


Hobane hoo ho molemo, ho a kgahlisa mahlong a Modimo, Mopholosi wa rona;


Hobane ke ka baka leo re sebetsang ka thata, mme re a hloriswa, hobane re tshepile Modimo o phelang, o leng Mopholosi wa batho bohle, haholo wa ba dumelang.


Leha ho le jwalo, Morena o ile a ema le nna, mme a mpha matla; e le hore ka ’na molaetsa o ka tsebahatsoa ka botlalo, le hore lichaba tsohle li utloe: ’me ka lopolloa molomong oa tau.


e seng ka bonyatsi, a mpe a bontshe botshepehi bo botle bohle; ba tle ba kgabise thuto ya Modimo, Mopholosi wa rona, nthong tsohle.


re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ponahatso ya kganya ya Modimo o moholo, le Mopholosi wa rona Jesu Kreste;


Ya dutseng lerung a akgela sekele ya hae lefatsheng; mme lefatshe la kotulwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos