Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 5:11 - Baasraak Sotho NT

11 Ho lehlohonolo lona, ha batho ba le rohaka, ba le hlorisa, ba le bua bobe bohle ka bohata ka baka la ka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Le tla ba lehlohonolo, ha ba le hlapaola ka baka la ka, ba le hlorisa, ba le bea bobe bohle ka bohata.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 “Le lehlohonolo ha le hlapaolwa, le hloriswa, le etseletswa ka mekgwa yohle ka baka la ka.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ho lehlohonolo lona, ha batho ba le rohaka, ba le hlorisa, ba le bua bobe bohle ka bohata ka baka la ka.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 5:11
32 Referencias Cruzadas  

Le tla isoa pela babusisi le marena ka baka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho Baditjhaba.


Le tla hlouwa ke batho bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.


Ho lekane hore morutuwa a be jwaloka moruti wa hae, le mohlanka jwaloka morena wa hae. Haeba ba bitsitse monga ntlo Beelsebule, na ba tla bitsa ba ntlo ea hae hakaakang!


Ya fumanang bophelo ba hae o tla timellwa ke bona, mme ya lahlehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka o tla bo fumana.


Mme e mong le e mong ya tlohetseng matlo, kapa banababo, kapa dikgaitsedi, kapa ntatae, kapa mmae, kapa bana, kapa masimo, ka baka la lebitso la ka, o tla fuwa halekgolo, mme o tla rua bophelo bo sa feleng.


Mohlang oo ba tla nehelana ka lona mahlomoleng, ba le bolaye, mme le tla hlouwa ke ditjhaba tsohle ka baka la lebitso la ka.


Ba fetang ka tsela ba mo nyefola, ba sisinya dihlooho.


Le tla hlouwa ke batho bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.


Empa le iponele, hobane ba tla nehelana ka lona makgotleng; le tla otlwa ka matlung a thapelo, mme le tla iswa pela babusi le marena ka baka la ka, e be bopaki ho bona.


Empa ha ba na motso ka ho bona, ba ntse ba mamella ka nako e itseng feela;


Hobane mang le mang ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, o tla timellwa ke bona; empa e mong le e mong ya lahlehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka le la Evangeli, o tla bo pholosa.


Empa pele ho tseo tsohle, ba tla le tshwara, ba le hlorise, ba le neele masinagogeng le diteronkong, le iswe pela marena le babusi ka baka la lebitso la ka.


Le tla hlouwa ke batho bohle ka baka la lebitso la ka.


Ho lehlohonolo lona, ha batho ba le hloya, mme ba le arola ho bona, ba le nyedisa, ba lahla lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora motho.


E mong le e mong ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, o tla timellwa ke bona;


Empa ntho tseo tsohle ba tla le etsa tsona ka baka la lebitso la ka, kahobane ha ba tsebe ya nthomileng.


Yaba ba mo hlapaola, ba re: “O morutuwa wa hae; empa rona re barutuwa ba Moshe.


Hobane ke tla mmontsha hore na o tshwanetse ho hlokofatswa jwang ka baka la lebitso la ka.


jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ka baka la hao re ntse re bolawa letsatsi lohle; re nkwa re le dinku tse hlajwang.


Re mahlanya ka baka la Kreste, empa lona le bohlale ho Kreste; rona re a fokola, empa lona le matla; lona le bahlomphehi, empa rona re a nyatseha.


Hobane rona ba phelang, kamehla re nehelanwa ka lefu ka baka la Jesu, hore bophelo ba Jesu le bona bo tle bo bonahatswe nameng ya rona e shwang.


Hobane le neilwe ka baka la Kreste, e seng ho dumela ho yena feela, empa le ho hlokofatswa ka baka la hae;


Enereha a hlapawa, a se ke a boela a hlapaola; mohla a hlokofatswang, ha a ka a tshosa; empa o ne a ipeile ya ahlolang ka ho loka;


Haeba le nyediswa ka baka la lebitso la Kreste, le lehlohonolo; hobane Moya wa kganya le wa Modimo o dutse hodima lona;


O mameletse, mme o na le mamello, mme ka baka la lebitso la ka o sebeditse ka thata, mme ha o a ka wa kgathala.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos