Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 27:2 - Baasraak Sotho NT

2 Eitse hobane ba mo tlame, ba mo isa, ba mo neela Pilato, mmusisi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Eitse hobane ba mo tlame, ba ya le yena, ba mo neela Ponse Pilato, mmusisi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ha ba se ba mo tlamile, ba mo kganna, ba ya mo neela mmusisi Pilato.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Eitse hobane ba mo tlame, ba mo isa, ba mo neela Pilato, mmusisi.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 27:2
25 Referencias Cruzadas  

Ba tla nehelana ka yena ho baditjhaba hore ba mo some, le ho shapuwa, le ho mo thakgisa, mme ka letsatsi la boraro o tla tsoha.


Mme haeba hoo ho ka utlwahala ho mmusisi, rona re tla mo qekisa, mme re le sireletse.


Ka yona nako eo, ho ne ho le teng ba bang ba mmolellang tsa Bagalelea, bao Pilato a neng a tswakile madi a bona le mahlabelo a bona.


Ba mo disa, ba romela dihlwela tse neng di iketsa eka ke batho ba lokileng, hore ba tle ba mo tshware ka dipolelo tsa hae, ba tle ba mo neele matleng le matleng a mmusisi.


Yaba bongata bohle ba bona ba ema, ba mo isa ho Pilato.


Ka lona letsatsi leo Pilato le Heroda ba etswa metswalle;


Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Sesare Tiberiuse, Ponse Pilato e le mmusisi wa Judea, Heroda e le moteterareke wa Galelea, Filipi ngwanabo e le moteterareke wa Iturea le wa Terakonite, Lysaniase e le moteterareke wa Abilene,


Jwale sehlopha sa masole le molaodi wa sesole le bahlanka ba Bajuda ba tshwara Jesu, ba mo tlama.


Anase a mo romela a tlamilwe ho Kaiafa, moprista e moholo.


Yaba ba tlosa Jesu ho Kaiafa, ba mo isa tlung ya kahlolo; mme bone ka bobone ba se ka ba tsena mo ntlong ya boatlhodi, gore ba se ka ba itshekololwa; empa ba tle ba je Paseka.


Eitse ha Heroda a batla ho mo ntsha, ka bona bosiu boo Petrose o ne a robetse mahareng a bahlabani ba babedi, a tlamilwe ka diketane tse pedi, mme balebedi pela monyako ba lebela tjhankana.


Yaba molaodi wa sekete o atamela, a mo tshwara, a laela hore a tlangwe ka mahlaahlela a mabedi; mme a botsa hore na ke mang, le hore na o entseng.


Eitse ha ba mo tlama ka marapo, Pauluse a re ho molaodi wa lekgolo ya emeng moo: Hleka le dumeletswe ho shapa motho eo e leng Moroma, a eso ho ahlolwe na?


Jwale, ba neng ba tla mmotsa kapele ba tloha ho yena, mme molaodi wa sekete le yena a tshoha, ha a tseba hobane ke Moroma, le kahobane a ne a mo tlamile.


Empa dilemo tse pedi ha di fetile, Porkiase Festuse a kena setulong sa Felikse;


Ke ka baka leo ke le bitsitseng hore ke tle ke le bone, ke bue le lona, hobane ke tlamilwe ka ketane ena ka baka la tshepo ya Iseraele.


Modimo wa Aborahama, le wa Isaka, le wa Jakobo, Modimo wa bontata rona, o tlotlisitse Mora wa wona Jesu; yo le mo neetseng, la mo itatola fa pele ga sefatlhego sa Pilato, ka a ne a ikaeletse go mo golola.


Hobane kannete Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le setjhaba sa Iseraele, ba bokanetse Jesu, Mora wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;


A kopa ho yena mangolo a yang ho masinagoge a Damaseka, hore ekare ha a ka fumana ba bang ba Tsela ena, e ka ba banna le basadi, a ba tlise ba tlamilwe Jerusalema.


Ke o laela mahlong a Modimo o phedisang dintho tsohle, le pela Kreste Jesu, ya ileng a paka boipolelo bo botle kapele ho Ponse Pilato.


Ke tseo ke utlwang bohloko ka tsona ho isa ditlamong jwaloka hoja ke le sesenyi; empa lentswe la Modimo ha le a tlangwa.


Hopolang ba ditlamong jwaloka hoja le le ditlamong le bona; le ba hloriswang, jwaloka hoja le sa le mmeleng le lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos