Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 26:10 - Baasraak Sotho NT

10 Jesu ha a utlwisisa, a re ho bona: Le tshwenyetsang mosadi eo? gonne o ntiretse tiro e e molemo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Empa Jesu a lemoha hoo, a re ho bona: Le utlwisetsang mosadi eo bohloko? Athe o nkentse ketso e molemo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Jesu a elellwa hona, mme a re ho bona: “Le nyahamisetsang mosadi eo pelo, athe o nketseditse ketso e molemo?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Jesu ha a utlwisisa, a re ho bona: Le tshwenyetsang mosadi eo? gonne o ntiretse tiro e e molemo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 26:10
24 Referencias Cruzadas  

Hobane mafutsana le na le lona kamehla; empa nna ha le na ho ba le nna kamehla.


Hobane setlolo sena se ka be se rekisitswe ka tjhelete e ngata, mme ya newa bafumanehi.


Jesu a re: Mo tloheleng; le mo khathatsang? o nketseditse mosebetsi o motle.


A re a sa bua, ha fihla e mong ya tswang ha mmusi wa sinagoge, a re ho yena: Moradi wa hao o shwele; se tshwenye Mong.


Mme Modimo o na le matla a ho le atisetsa mohau wohle; le tle le be le ho lekaneng ka mehla nthong tsohle, le atele mesebetsing yohle e molemo;


Se e seng se sele; mme go na le bangwe ba ba lo tshwenyang, ba batla go sokamisa Efangele ya ga Keresete.


Hoja ba ka be ba felisitsoe khathatso ea lōna!


Ho tloha jwale, ho se be motho ya ntshwenyang, hobane mmeleng wa ka ke na le matshwao a Morena Jesu.


Hobane re mosebetsi wa hae, re bopetswe ho Kreste Jesu mesebetsi e molemo, eo Modimo o e lokisitseng pele hore re tsamaye ho yona.


E le hore le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise, le be le ditholwana mesebetsing yohle e molemo, le ntse le hola tsebong ya Modimo.


Homotsa dipelo tsa lona, mme le le tiise dipolelong tsohle le mesebetsing yohle e molemo.


Polelo ena ke ya nnete, e reng: Ekare ha motho a lakatsa bolebedi, o lakatsa mosebetsi o molemo.


O bolelwa hantle ka mesebetsi e molemo; haeba a holisitse bana, haeba a amohetse basele, haeba a hlatsoitse maoto a bahalaleli, haeba a thusitse ba mahlomoleng, haeba a latetse ka hloko mesebetsi eohle e molemo.


Ekare ha motho a itlhwekisa ho tseo, e tla ba pitsa e hlomphuwang, e kgethetsweng, e loketseng mong wa yona, e lokiseditsweng mosebetsi o mong le o mong o molemo.


Ba bolela hore ba tseba Modimo; empa ba mo latola ka mesebetsi, e le ba manyala, ba hanang ho utlwa, le mesebetsing yohle e molemo, ba sa amohelwe.


Ya ineetseng bakeng sa rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a itlhwekisetse setjhaba seo e leng sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e molemo.


U ba hopotse ho ipeha tlas’a mebuso le babusi, le ho utloa babusi, ba itokiselitse mesebetsi eohle e molemo;


Mme le ba rona a ba ithute ho tiisetsa mesebetsing e metle, hore ba tle ba be le dithuso tse hlokahalang, e le hore e se be ba sa beheng.


Polelo ena e a tshepahala, mme ke rata hore o tiise taba tseo ka mehla, hore ba dumetseng ho Modimo ba tle ba ele hloko ho boloka mesebetsi e metle. Dilo tse, di molemo, di molemo mo bathong.


a le etse ba phethehileng mesebetsing yohle e molemo, le tle le etse thato ya hae, a ntse a etsa ka ho lona se kgahlisang mahlong a wona, ka Jesu Kreste; ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen.


Le be le metsamao e metle hara baditjhaba, hore, leha ba le bua hampe, ba re le le baetsadibe, ba tle ba tlotlise Modimo ka letsatsi la kahlolo ka mesebetsi ya lona e metle, eo ba e bonang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos