Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 24:45 - Baasraak Sotho NT

45 Ha ho le jwalo, ke ofe mohlanka ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng moalosi wa ba ntlo ya hae, ho ba nea dijo ka nako e loketseng?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

45 Ana ke mang mohlanka ya kgabane, ya bohlale, eo morena wa hae a mmeileng moalosi wa bahlanka ba hae ho ba nea dijo nakong ya teng?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

45 “Jwale ke ofe mohlanka ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng ho laola ba lelapa la hae, hore a ba fepe ka nako e lokelang?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

45 Ha ho le jwalo, ke ofe mohlanka ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng moalosi wa ba ntlo ya hae, ho ba nea dijo ka nako e loketseng?

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 24:45
28 Referencias Cruzadas  

Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri;


A re ho bona: “Ka baka leo, Setsebi se seng le se seng sa Molao ya rupetsweng mmuso wa mahodimo o tshwana le monga ntlo, ya ntshang letlotlong la hae dintho tse ntjha le tsa kgale.


Ho lehlohonolo mohlanka eo, ha morena wa hae a fihla, a tla mo fumana a etsa jwalo.


Ba bahlano ba bona e ne e le ba bohlale, ba bahlano e le mawatla.


Mong wa hae a re ho yena: O entse hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane!


Morena wa hae a re ho yena: O entse hantle, mohlanka ya molemo, ya tshepehang; o tshepehile dinthong tse seng kae, ke tla o bea hodima tse ngata: kena thabong ya morena wa hao.


Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, mme a di etsa, o tla tshwantshwa le monna ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima lefika.


A re ho yena: Ho lokile, mohlanka ya molemo;


Itebeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo, eo o ithuetseng yona ka madi a hae.


Ke leboha Kreste Jesu, Morena wa rona, ya mphang matla, kahobane a mpone ke le ya tshepahalang, ka ho mpea tshebeletsong.


Tseo o di utlwileng ho nna hara dipaki tse ngata, o di bee matsohong a batho ba tshepehang, ba tlang ho tseba ho ruta ba bang.


Moshe o ne a tshepeha ka tlung yohle ya hae jwaloka mohlanka, e le bopaki ba tse neng di tla bolelwa;


Ke tseba mesebetsi ya hao, le moo o ahileng teng, e leng moo terone ya Satane e leng teng; mme o tiiseditse lebitso la ka, mme ha o a ka wa latola tumelo ya ka, mehleng eo Antipase e neng e le paki ya ka e tshepehang, ya ileng a bolawa hara lona, moo Satane a ahileng teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos