Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 24:39 - Baasraak Sotho NT

39 mme ba se ke ba tseba ho fihlela moroallo o tla, o ba hohola bohle; ho tla ha Mora motho ho tla ba jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

39 ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla morwallo, mme ba nkwa bohle ke wona: ho tla ba jwalo le ho tleng ha Mora motho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

39 Ha ba a ka ba tseba ho fihlela morallo wa metsi o fihla, o ba hohola kaofela. Ho tla ha Mora Motho le hona ho tla ba jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

39 mme ba se ke ba tseba ho fihlela moroallo o tla, o ba hohola bohle; ho tla ha Mora motho ho tla ba jwalo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 24:39
18 Referencias Cruzadas  

Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


Eitse ha a dutse thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena boinotshing, ba re: Re bolelle, tseo di tla etsahala neng? mme pontsho e tla ba efe ya ho tla ha hao, le ya ho fela ha lefatshe?


Ke moo pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong, mme meloko yohle ya lefatshe e tla lla, mme e tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo ka matla le kganya e kgolo.


Empa jwalokaha ho bile mehleng ya Noe, ho tleng ha Mora motho ho tla ba jwalo.


Jwale ba babedi ba tla be ba le tshimong; e mong o tla nkwa, e mong a tlohelwe.


Ba tla o dihela fatshe, wena le bana ba hao ba ho wena; mme ba ke ke ba siya lejwe hodima lejwe le leng ho wena; hobane ha o a ka wa tseba nako ya ketelo ya hao.


Hobane e mong le e mong ya etsang bobe, o hloile lesedi, mme ha a tle leseding, mesebetsi ya hae e tle e se ke ya kgalemelwa.


Bonang, lona banyatsi, le makale, mme le timele;


Mme erekaha ba ne ba sa rate ho dula ba tseba Modimo, Modimo o ba neeletse mehopolong e kgelohileng, hore ba etse tse sa tshwanelang;


Hobane ha ba tsebe taba eo ka ho rata, hore mahodimo a ne a le teng kgale ka lentswe la Modimo, le lefatshe le eme le le metsing, le le metsing.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos