Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 9:5 - Baasraak Sotho NT

5 Mang le mang ya sa le amoheleng, etlare ha le etswa motseng oo, le hlohlore lerole maotong a lona, e be bopaki ho bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Haele bohle ba sa le amoheleng, etlare ha le etswa motseng oo, le hlohlore lerole la dieta tsa lona, e be bopaki ho bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ha le etswa motseng oo ba sa le amoheleng ho wona, le hlohlore lerole maotong a lona, e be bopaki bo ba qosang.”

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Mang le mang ya sa le amoheleng, etlare ha le etswa motseng oo, le hlohlore lerole maotong a lona, e be bopaki ho bona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 9:5
13 Referencias Cruzadas  

Le tla isoa pela babusisi le marena ka baka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho Baditjhaba.


Mang le mang ya sa le amoheleng, leha e le ho le utlwa, mohla le tlohang teng, le hlohlore lerole le katlasa maoto a lona, e be bopaki ho bona. Kannete ke re ho lona: Ho tla ba bonolo ho Sodoma le Gomora ka letsatsi la kahlolo ho feta motse oo.


E mong le e mong ya amohelang e mong wa bana ba jwalo ka lebitso la ka, o a nkamohela;


Ya le utlwang o a nkutlwa; mme ya le nyatsang, o a nyedisa nna; mme ya nnyatsang, o nyedisa ya nthomileng.


A mo laela hore a se ke a bolella motho, a mpe a ye, o ipontshe ho moprista, mme o nyehele tlhwekiso ya hao, kamoo Moshe a laetseng kateng, e be bopaki ho bona.


Ntlo efe le efe eo le kenang ho yona, le dule teng, le ntoo tloha teng.


A re ho bona: E mong le e mong ya amohelang ngwana enwa ka lebitso la ka, o a nkamohela, mme e mong le e mong ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng;


Empa bona ba ba hlohlorela lerole la maoto a bona, ba ya Ikonio.


Eitse ha ba hana, ba nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; Ke hlwekile: ho tloha jwale ke tla ya ho Baditjhaba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos