Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 7:2 - Baasraak Sotho NT

2 Mme mohlanka wa molaodi e mong, eo a neng a mo rata, o ne a kula, a le makgatheng a ho shwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Molaodi wa lekgolo o ne a ena le mohlanka ya kulang, ya leng makgatheng a ho shwa, eo a mo ratang haholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Jwale mohlanka wa molaodi e mong wa lebotho la ba lekgolo, eo e neng e le wa bohlokwa ho monga hae, o ne a kula, a le makgatheng a ho shwa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Mme mohlanka wa molaodi e mong, eo a neng a mo rata, o ne a kula, a le makgatheng a ho shwa.

Ver Capítulo Copiar




Luka 7:2
24 Referencias Cruzadas  

Yare ha molaodi wa lekgolo le ba nang le yena, ba lebela Jesu, ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse etsahetseng, ba tshoha haholo, ba re: Kannete eo e ne e le Mora wa Modimo.


Yare ha molaodi wa lekgolo a bona se etsahetseng, a tlotlisa Modimo, a re: Ruri, motho eo e ne e le ya lokileng.


Eitse hobane a qete dipolelo tsohle tsa hae ditsebeng tsa batho, a kena Kapernauma.


Eitse ha a utlwa ka Jesu, a romela baholo ba Bajuda ho yena, ho mo rapela hore a tle ho fodisa mohlanka wa hae.


Hobane o ne a ena le moradi a le mong, ya neng a ka ba dilemo tse leshome le metso e mmedi, mme o ne a le makgatheng a ho shwa. Empa ha a ntse a tsamaea, batho ba mo petetsa.


Ho ne ho ena le monna e mong Sesarea, ya bitswang Kornele, e le molaodi wa lekgotla le bitswang la Mataliana.


Eitse ha lengeloi le buang le Kornele le tlohile, a bitsa bahlanka ba hae ba babedi, le mohlabani e mong ya tshabang Modimo hara ba mo sebeletsang kamehla;


Yare ha molaodi wa lekgolo a utlwa hoo, a ya bolella molaodi wa sekete, a re: “Hlokomela seo o se etsang, hobane monna enwa ke Moroma.


Pauluse a bitsa e mong wa balaodi ba lekgolo, a re: Isa mohlankana enwa ho molaodi wa sekete;


Eitse hobane ho laolwe hore re ye Italia ka sekepe, ba neela Pauluse le batshwaruwa ba bang ho molaodi wa lekgolo, ya bitswang Juliase, wa sehlopha sa Augustus.


Letsatsing le hlahlamang ra fihla Sidone. Juliase a tšoara Pauluse hantle, a mo lumella hore a ee ho metsoalle ea hae, a e’o ikhalala.


Empa molaodi wa lekgolo, ka ho rata ho pholosa Pauluse, a ba thibela morerong wa bona; a laela hore ba tsebang ho sesa ba itihele pele lewatleng, ba fihle naheng;


Lona bahlanka, utlwang beng ba lona ka nama nthong tsohle; e seng ka ho tadima mahlo, jwaloka hoja e le ba kgahlisang batho; empa ka botshepehi ba pelo, ka ho tshaba Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos