Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 6:8 - Baasraak Sotho NT

8 Empa yena o ne a tseba mehopolo ya bona, mme a re ho monna ya letsoho le omeletseng: Ema, o eme hara bona. A tsoha, a ema.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Empa o ne a tseba mehopolo ya bona, a ba a re ho motho ya letsoho le omeletseng: Tsoha, o eme hare. Yaba o tsoha, a ema.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Empa Jesu o ne a tseba mehopolo ya bona, mme a re ho monna ya shweleng letsoho: “Tloo, o eme mona hare!” A tla, a ema.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Empa yena o ne a tseba mehopolo ya bona, mme a re ho monna ya letsoho le omeletseng: Ema, o eme hara bona. A tsoha, a ema.

Ver Capítulo Copiar




Luka 6:8
19 Referencias Cruzadas  

Jesu a tseba mehopolo ya bona, a re: Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona?


A re ho monna ya letsoho le omeletseng: Ema o eme.


Jesu ha a mmona, a mmitsa, a re ho yena: Mosadi, o lokolotswe bofokoding ba hao.


Empa Jesu, ha a lemoha mehopolo ya bona, a araba, a re ho bona: Le ntse le nahana ka dipelo tsa lona jwang?


Jesu a re ho bona: Ke tla le botsa taba e le nngwe; Na ho lumelletsoe ho etsa hantle kapa ho etsa bobe ka sabatha? ho pholosa bophelo, kapa ho bo timetsa?


Ho ne ho sa hloke hore motho a pake ka motho, hobane o ne a tseba se ka ho motho.


A re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke ha a itse ho yena la boraro, a re: O a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o a tseba hobane ke a o rata. Jesu a re ho yena: Fepa dinku tsa ka.


Ke tlameha ho sebetsa mesebetsi ya ya nthomileng e sa le motsheare; bosiu bo a tla, boo ho seng motho ya ka sebetsang ka bona.


Empa ha ho le e ’ngoe ea lintho tsena e ntšusumetsang, ’me ha ke nke bophelo ba ka e le ba bohlokoa ho ’na, hore ke tle ke qete leeto la ka ka thabo le tšebeletso eo ke e amohetseng ho Morena Jesu ea ho paka Evangeli ea mohau oa Molimo.


Hobane morena o tseba taba tseo, eo ke buang le yena ka bolokolohi; hobane taba ena ha e a ka ya etswa sephiring.


Le se ke la tshoha bahanyetsi ba lona ka letho; hoo e leng pontsho ya tshenyeho ho bona, empa ho lona e tla ba pontsho ya poloko, e tswang ho Modimo.


Le teng ha ho sebopuwa se sa bonahaleng mahlong a wona, empa tsohle di hlobotse, di tutubolohile mahlong a eo re nang le taba le yena.


Erekaha Kreste a utlwisitse bohloko nameng ka baka la rona, le lona le itlhomelle ka kelello e tshwanang;


Bana ba hae ke tla ba bolaya ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo, mme ke tla nea e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos