Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 23:5 - Baasraak Sotho NT

5 Mme ba eketsa ka matla, ba re: O ferekanya batho, a ruta Judea yohle, a qala Galelea ho fihlela mona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Empa ba phehella, ba re: O ferekanya setjhaba ka ho ruta Judea kaofela; esale a qala ka Galelea ho fihlela mona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Empa bona ba pheella, ba re: “O hlohleletsa setjhaba ka ho ruta Judea yohle, ho tloha Galelea ho fihlela kwano.”

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Mme ba eketsa ka matla, ba re: O ferekanya batho, a ruta Judea yohle, a qala Galelea ho fihlela mona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 23:5
24 Referencias Cruzadas  

Eitse hobane Jesu a qete ho laela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a tloha teng ho ya ruta le ho bolela Evangeli metseng ya bona.


Eitse ha Jesu a tswaletswe Bethlehema wa Judea, mehleng ya morena Heroda, bonang, ba bohlale ba botjhabela ba fihla Jerusalema,


Pilato ha a bona hoba ha a thuse letho, empa moferefere o ntse o tswela pele, a nka metsi, a hlapa matsoho pela letshwele, a re: Ha ke na molato mading a motho eo ya lokileng;


Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a bona, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle hara batho.


Eitse hobane Johanne a kenngwe teronkong, Jesu a tla Galelea, a ntse a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo;


Eitse ha a sa ba bolella taba tseo, bangodi le bafarisi ba qala ho mo qophella haholo, le ho mo phephetsa hore a bue ditaba tse ngata.


Yaba ba tiisa ka mantswe a phahameng, ba kopa hore a thakgiswe. Mme mantswe a bona le a baprista ba baholo a hlola.


Pilato ha a utlwa tsa Galelea, a botsa hore na motho eo ke Mogalelea.


Ka hosasane, Jesu a rata ho tswela Galilea, mme a fumana Filipi, mme a re ho yena: Ntatele.


Empa ba howa, ba re: Mo tlose, mo tlose, mo thakgise! Pilato a re ho bona: Ke thakgise morena wa lona na? Baprista ba baholo ba araba, ba re: Ha re na morena haese Sesare.


Tšimoloho ena ya mehlolo Jesu o e entse Kana wa Galelea, mme a bonahatsa kganya ya hae; mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena.


Ba bang ba re: Enwa ke Kreste. Empa ba bang ba re: Na Kreste a ka tswa Galelea na?


Ba araba, ba re ho yena: Na le wena o tswa Galelea na? Batlisisa, mme o bone: hobane ha ho moporofeta ya hlahang Galelea.


Le a tseba, lentswe leo le ileng la bolelwa naheng yohle ya Judea, ho tloha Galilea, kamora kolobetso eo Johanne a neng a e bolela.


Eitse hobane ho tsohe moferefere o moholo, molaodi wa sekete a tshaba hore Pauluse o tla haholwa ke bona, a laela bahlabani hore ba theohe, ba mo ntshe hara bona, ba mo ise qhobosheaneng.


Eitse ha ba utlwa hoo, ba hlabeha dipelo, mme ba rera ho ba bolaya.


Ha ba utlwa tsena, ba hlabeha dipelo, mme ba mo tsikitlanyetsa meno.


Yaba ba howa ka lentswe le leholo, ba thiba ditsebe, ba mathela hodima hae ka pelo e le nngwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos