Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 21:12 - Baasraak Sotho NT

12 Empa pele ho tseo tsohle, ba tla le tshwara, ba le hlorise, ba le neele masinagogeng le diteronkong, le iswe pela marena le babusi ka baka la lebitso la ka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Empa pele ho tseo tsohle, ba tla le tshwara ka matsoho a bona, ba le hlorise, ba le hulanyetse masinagogeng le diteronkong, ba le ise pela marena le babusisi, ka baka la lebitso la ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 “Empa pele ho tseo tsohle ba tla le tshwara, ba le hlorise, ba neelane ka lona matlung a thapelo le ditjhankaneng, ba le ise pela mahosi le babusisi ka baka la lebitso la ka.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Empa pele ho tseo tsohle, ba tla le tshwara, ba le hlorise, ba le neele masinagogeng le diteronkong, le iswe pela marena le babusi ka baka la lebitso la ka.

Ver Capítulo Copiar




Luka 21:12
31 Referencias Cruzadas  

Ba bang ba tshwara bahlanka ba hae, ba ba hlorisa, ba ba bolaya.


Tsena tsohle ke qalo ya bohloko.


Mme ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe di tla ba teng, le ditlala, le mafu a sewa; mme ho tla ba le dipono tse tshabehang le dipontsho tse kgolo tse tswang lehodimong.


Hopolang lentswe leo ke le boleletseng lona, ka re: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae. Haeba ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa; ha ba bolokile lentswe la ka, ba tla boloka le la lona.


Empa ntho tseo tsohle ba tla le etsa tsona ka baka la lebitso la ka, kahobane ha ba tsebe ya nthomileng.


Ka hosasane, kahobane a ne a rata ho tseba nnete ya hore na ke hobaneng a qoswa ke Bajuda, a mo lokolla ditlamong, mme a laela hore baprista ba baholo le lekgotla lohle la bona ba phuthehe; yaba o theola Pauluse, a mmea pela bona.


Ba mo dumela, mme ba bitsa baapostola, ba ba shapa, ba ba laela hore ba se ke ba bua ka lebitso la Jesu, mme ba ntoo ba lokolla.


Haele Saule, a qhala kereke, a kena ka tlung e nngwe le e nngwe, a hula banna le basadi, a ba kenya teronkong.


A wela fatshe, a utlwa lentswe le re ho yena: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na?


Le ipee tlas’a melao eohle ea batho ka lebaka la Morena: ebang ke morena, kaha ke morena;


O se ka wa boifa dilo tse o tla di bogang; bonang, Diabolo o tla latlhela bangwe ba lona mo ntlong ya kgolegelo gore lo lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho ka matsatsi a leshome: o tshepahale ho isa lefung, mme ke tla o nea moqhaka wa bophelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos