Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 2:51 - Baasraak Sotho NT

51 Yaba o theoha le bona, a ya Nasaretha, mme a ba mamela, empa mmae a boloka dipolelo tseo tsohle pelong ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

51 Yaba o theoha le bona, a ya Nasaretha. O ne a ba utlwa; mme mmae a nna a boloka ditaba tseo kaofela pelong ya hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

51 A theoha le bona, a ya Nasaretha, mme a nna a ikokobetsa tlasa bona. Mmae a boloka ditaba tseo tsohle ka pelong ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

51 Yaba o theoha le bona, a ya Nasaretha, mme a ba mamela, empa mmae a boloka dipolelo tseo tsohle pelong ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Luka 2:51
15 Referencias Cruzadas  

Yare a sa bua le bongata, mmae le banababo ba ema kantle, ba rata ho bua le yena.


Jesu a araba, a re ho yena: “Lesa ho be jwalo jwale, hobane e ka kgona re phethe jwalo ho loka hohle. Yaba o mo dumella.


Mehleng eo, ha fihla Jesu a etswa Nasaretha wa Galelea, mme a kolobetswa ke Johanne nokeng ya Jordane.


Na eo hase mmetli, mora Maria, ngwanabo Jakobo, le Jose, Juda, le Simone? le dikgaitsedi tsa hae na ha di na le rona mona? Mme ba ne ba kgopeha ke yena.


Ba mmolella hore Jesu wa Nasaretha o a feta.


Empa Maria a boloka tsena tsohle, mme a di nahana ka pelong ya hae.


Eitse hobane ba phethe tsohle tsa molao wa Jehova, ba kgutlela Galilea, motseng wa habo bona, Nasaretha.


A fihla Nasaretha, moo a holetseng teng, mme ka tlwaelo ya hae a kena sinagogeng ka tsatsi la Sabatha, a ema hore a bale.


A re ho bona: Ruri le tla mpolella maele ana, le re: Ngaka, iphole;


Le ikokobeletse e mong ho e mong ka ho tshaba Modimo.


Hobane le bileditswe hona, hobane Kreste le yena o utlwile bohloko bakeng sa rona, a le siela mohlala, hore le latele mehato ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos