Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 13:11 - Baasraak Sotho NT

11 Jwale, bonang, ho ne ho ena le mosadi ya neng a ena le moya wa bofokodi ka dilemo tse leshome le metso e robedi;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mme bonang, mosadi o ne a le teng, ya kenweng ke moya o mo kudisitseng ka dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi; o ne a futahane, a sitwa ho inamoloha le hanyenyane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Ho ne ho ena le mosadi ya bileng le moya o mo holofaditseng ka dilemo tse leshome le metso e robedi; o ne a finahane, a sitwa ho inamoloha ho hang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Jwale, bonang, ho ne ho ena le mosadi ya neng a ena le moya wa bofokodi ka dilemo tse leshome le metso e robedi;

Ver Capítulo Copiar




Luka 13:11
20 Referencias Cruzadas  

Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a bona, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle hara batho.


A botsa ntatae, a re: E ne e le nako e kae a hlahetswe ke taba eo? A re: Ho tloha boseeng.


Jesu ha a mmona, a mmitsa, a re ho yena: Mosadi, o lokolotswe bofokoding ba hao.


A mosadi enwa, e leng moradi wa Abrahama, eo Satane a mo tlamileng ka dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi, na o ne a sa tshwanela ho lokollwa ditlamong tseo ka tsatsi la Sabatha na?


Etlare ha tseo di qala ho hlaha, le lelale phahameng, le lelale dihloho tsa lona; hobane topollo ya lona e atametse.


Le basadi ba bang ba neng ba fodisitswe meya e mebe le malwetse, e leng Maria ya bitswang Magdalena, eo batemona ba supileng ba neng ba tswe ho yena.


Yare ha a tswela lebopong, a kgahlanyetswa ke monna e mong ya tswang motseng, ya neng a ena le batemona ka nako e telele, a sa apare kobo, a sa dule tlung, haese mabitleng.


Mme mosadi e mong ya neng a ena le phallo ya madi ka dilemo tse leshome le metso e mmedi, ya qetileng tsohle tseo a neng a phela ka tsona ho dingaka, a sitwa ho fodiswa ho motho.


Monna e mong ya neng a holofetse ho tloha popelong ya mmae, o ne a jarwa, eo ba neng ba mmea ka matsatsi wohle monyakong wa Tempele o bitswang o Motle, hore a kope dithuso ho ba kenang Tempeleng.


Hobane monna ya neng a etseditswe mohlolo ona wa phodiso o ne a se a fetile dilemo tse mashome a mane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos