Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 3:9 - Baasraak Sotho NT

9 Ka lona re boka Modimo, Ntate; mme ka lona re rohaka batho, ba bopilweng ka setshwantsho sa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ka lona, re ye re boke Modimo Ntate; ka lona hape, re rohake batho ba entsweng ka setshwantsho sa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Ka leleme re rorisa Morena, Ntata rona, mme ka lona re bile re rohaka batho bao e leng setshwantsho sa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Ka lona re boka Modimo, Ntate; mme ka lona re rohaka batho, ba bopilweng ka setshwantsho sa Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 3:9
34 Referencias Cruzadas  

Yaba o qala ho rohaka le ho hlapanya, a re: Motho eo ha ke mo tsebe. Mme hanghang mokoko wa lla.


Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le hlohonolofatse ba le rohakang, ba le hloileng le ba etse hantle;


Ka baka leo, pelo ya ka e ile ya nyakalla, mme leleme la ka la thaba; le mmele wa ka o tla phomola ka tshepo;


Ba molomo wa bona o tletseng dithohako le tse babang.


Hobane monna ha a a tshwanela ho rwala hloohong, kahobane e le setshwantsho le kganya ya Modimo, empa mosadi ke kganya ya monna.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a moya mahodimong ho Kreste.


Borapedi bo hlwekileng, bo sa silafalang pela Modimo le Ntate, ke bona: ho etela dikgutsana le bahlolohadi mahlomoleng a bona, le ho ipoloka a se na letheba lefatsheng.


Molomong o le mong ho tswa poko le thohako. Bana beso, dintho tsena ha di a tshwanela ho ba jwalo.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, eo ka boholo ba mohau wa wona o re tswaletseng hape hore re be le tshepo e phelang ka tsoho ya Jesu Kreste bafung.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos