Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 1:18 - Baasraak Sotho NT

18 Ka ho rata ha hae o re tswetse ka lentswe la nnete, hore re tle re be mofuta wa dithakangwaha tsa dibopuwa tsa hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ka ho rata ha hae, o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be bao e kang ke dithakangwaha tsa dibopuwa tsa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Ka ho rata ha hae o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be ho kang matsibolo hara dibopuwa tsa hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Ka ho rata ha hae o re tswetse ka lentswe la nnete, hore re tle re be mofuta wa dithakangwaha tsa dibopuwa tsa hae.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 1:18
24 Referencias Cruzadas  

Ba tswetsweng, e seng ka madi, leha e le ka thato ya nama, leha e le ka thato ya monna, empa e le ka Modimo.


Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: “Ke o beile ntata ditjhaba tse ngata,” pela eo a ileng a dumela, e leng Modimo, ya phedisang bafu, ya bitsang tse siyo jwaloka hoja di teng.


Hobane leha le ka ba le baruti ba dikete tse leshome ho Kreste, bontata lona ha ba bangata;


ka lentswe la nnete, ka matla a Modimo, ka dihlomo tsa ho loka ka letsohong le letona le ka ho le letshehadi.


hore re tle re be thoriso ya kganya ya wona, rona ba tshepileng Kreste pele.


Le lona le tshepile ho yena, ha le se le utlwile lentswe la nnete, molaetsa o molemo wa poloko ya lona;


Ithute ho iponahatsa o le ya amoheleha ho Modimo, o le mosebetsi ya sa hlokeng ho hlajwa ke dihlong, ya bolelang lentswe la nnete ka nepo.


ho phutheho e kgolo, le kereke ya matsibolo a ngodilweng lehodimong, le ho Modimo Moahlodi wa bohle, le ho meya ya ba lokileng ba phethehileng,


Ke moo takatso ha e emere, e tswala sebe, mme sebe ha se phethehile, se tswala lefu.


Ka baka leo, lahlang ditshila tsohle le bokgopo bo bongata, mme le amohele ka bonolo lentswe le hlomilweng, le kgonang ho pholosa meya ya lona.


Empa ekare ha le ena le mohono o babang, le kgang ka dipelong tsa lona, le se ke la ithorisa, mme le se ke la bua leshano le hanyetsa nnete.


Le tswetswe la bobedi, e seng ka peo e bolang, empa ka e sa boleng, ka lentswe la Modimo le phelang, le hlolang ka ho sa feleng.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, eo ka boholo ba mohau wa wona o re tswaletseng hape hore re be le tshepo e phelang ka tsoho ya Jesu Kreste bafung.


E mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe; hobane peo ya hae e dutse ho yena;


Bana ke ba sa kang ba itshilafatsa ka basadi; hobane ke barwetsana. Ke bona ba latelang Konyana hohle moo e yang teng. Bao ba lopolotswe hara batho, e le dithakangwaha ho Modimo le ho Konyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos