Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Filemone 1:6 - Baasraak Sotho NT

6 E le hore kopano ya tumelo ya hao e tle e sebetse ka ho tseba ntho e nngwe le e nngwe e molemo e ho wena ho Kreste Jesu.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ke kopa hore tumelo ya hao, eo re kopaneng le wena ka yona, e tle e sebetse ka matla, o tle o bontshise molemo wohle o ka etsetswang Jesu Kreste ha heno.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Thapelo ya ka ke hore tumelo eo o nang le kabelo ho yona e sebeletse, e tle e tswale kutlwisiso ya tsohle tse molemo tseo re nang le tsona ho Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 E le hore kopano ya tumelo ya hao e tle e sebetse ka ho tseba ntho e nngwe le e nngwe e molemo e ho wena ho Kreste Jesu.

Ver Capítulo Copiar




Filemone 1:6
18 Referencias Cruzadas  

Ya neng a amohetse ditalenta tse hlano a ya, a hweba ka tsona, a fumana tse ding tse hlano.


Lesedi la lona a le kganyetse batho jwalo, hore ba tle ba bone mesebetsi ya lona e metle, mme ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.


Mme diphiri tsa pelo ya hae di bonahatswa jwalo; mme ka mokgwa o jwalo o tla itihela fatshe ka sefahleho, a kgumamele Modimo, mme a bolele hore ruri Modimo o ka ho lona.


Hobane ke buletswe monyako o moholo o sebetsang, mme bahanyetsi ba bangata.


Qetellong, barab’eso, lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tse tšepahalang, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng, lintho life kapa life tse ratehang, life kapa life tse bokelehang. ha ho e-na le bokhabane leha e le bofe, kapa thoriso leha e le efe, le nahane ka tsona.


Ka baka leo, le rona, haesale mohla re utlwang, ha re phetse ho le rapella, le ho le kopa hore le tlale tsebo ya thato ya hae ka bohlale bohle le kutlwisiso ya Moya;


mme le apare motho e motjha, ya ntjhafatswang tsebong ka setshwantsho sa ya mmopileng.


Mme le ba rona a ba ithute ho tiisetsa mesebetsing e metle, hore ba tle ba be le dithuso tse hlokahalang, e le hore e se be ba sa beheng.


Gobane Modimo ga se yo a sa lokago ge a ka lebala modiro wa lena le lerato leo le le bontšhitšego leineng la gagwe, ka ge le hlanketše bakgethwa, le sa ba direla.


Bana beso, ho thusa eng, leha motho a re o na le tumelo, empa a se na mesebetsi? Na tumelo e ka mo pholosa?


Le yona tumelo, ha e se na mesebetsi, e shwele e nnotshi.


Le be le metsamao e metle hara baditjhaba, hore, leha ba le bua hampe, ba re le le baetsadibe, ba tle ba tlotlise Modimo ka letsatsi la kahlolo ka mesebetsi ya lona e metle, eo ba e bonang.


Le lona basadi, le ikokobeletse banna ba lona; e le hore ekare ha ba bang ba sa mamele lentswe, ba ka hapelwa kantle ho lentswe ka metsamao ya basadi ba bona;


Le be le letswalo le letle; e le hore, ha ba le nyefola, jwaloka hoja ba le baetsadibe, ba hlajwang ke dihlong ka metsamao ya lona e metle ho Kreste ba hlajwe ke dihlong.


Hobane ha dintho tsena di le ho lona, mme di ngatafala, di tla le etsa hore le se be ba nyopa kapa ba sa beheng tsebong ya ho tseba Morena wa rona Jesu Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos