Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Filemone 1:16 - Baasraak Sotho NT

16 E seng jwaleka mohlanka, e mpe e be ya okametseng mohlanka, e le moena ya ratwang, haholoholo ho nna, empa ho wena ho fetisa hakakang ka mmele le Moreneng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 e tle e se ke ya hlola e eba mohlanka, e mpe e be ya fetisang mohlanka, e be moena ya ratwang, haholo ke nna, haholoholo ke wena ka nqeng ya nama le ka nqeng ya Morena!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Empa jwale ha e sa le lekgoba, o se a feta lekgoba ka bohlokwa; ke ngwanabo rona ya ratehang, haholoholo ho nna. Jwale o tla rateha hakaakang ho wena e le motho, e le modumedi!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 E seng jwaleka mohlanka, e mpe e be ya okametseng mohlanka, e le moena ya ratwang, haholoholo ho nna, empa ho wena ho fetisa hakakang ka mmele le Moreneng.

Ver Capítulo Copiar




Filemone 1:16
10 Referencias Cruzadas  

Empa lona, le se ke la bitswa Rabi, hobane Monghadi wa lona o mong, e leng Kreste; mme lona bohle le bana ba motho.


Ananiase a ikela, a kena tlung; mme a bea matsoho a hae hodima hae, a re: “Saule, Moena, Morena, Jesu, ya iponahaditseng ho wena tseleng eo o tlileng ka yona, o nthomile, hore o tle o boele o bone, mme o tlale Moya o Halalelang.


Hobane ya bitsitsweng ke Morena e le lekgoba, ke motho ya lokolohileng wa Morena;


Lona bahlanka, utlwang beng ba lona ka nama nthong tsohle; e seng ka ho tadima mahlo, jwaloka hoja e le ba kgahlisang batho; empa ka botshepehi ba pelo, ka ho tshaba Modimo.


Ba nang le benghadi ba dumelang, ba se ke ba ba kgesa, kahobane e le baena; le mpe le ba sebeletse, kahobane e le ba nang le kabelo mohaung, ba tshepehang le baratuwa. Dilo tse o di rute, o ba eletse.


Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ele hloko Moapostola le Moprista e Moholo wa tumelo ya rona, Jesu Kreste.


E mong le e mong ya dumelang hore Jesu ke Kreste o tswetswe ke Modimo, mme e mong le e mong ya ratang ya tswetseng, o rata le ya tswetsweng ke yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos