Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 4:2 - Baasraak Sotho NT

2 Hobane le rona re boleletswe Evangeli jwaloka bona;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Hobane le rona, re boleletswe Evangeli jwaloka bona; empa bao, lentswe leo ba le utlwileng ha le a ka la ba thusa letho, ka baka la hobane ha le a ka la fihlelana le tumelo pelong tsa ba le utlwileng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Re boleletswe molaetsa o molemo jwaloka bona, empa lentswe leo ba le rutilweng ha le a ba tswela molemo, hobane ba le utlwileng ha le a ka la ba lomosa tumelong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Hobane le rona re boleletswe Evangeli jwaloka bona;

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 4:2
20 Referencias Cruzadas  

Yaba Pauluse le Barnabase ba bua ka sebete, ba re: Ho ne ho loketse hore lentswe la Modimo le bolelloe lona pele;


Modimo o tsositse Mora wa wona Jesu ho lona pele, o mo romile ho lona pele, ho le hlohonolofatsa, ka ho fetola e mong le e mong wa lona makgopong a hae.


Hobane lebollo le a thusa, ha o boloka molao;


Ho ka ba jwang ha ba bang ba sa ka ba dumela? na ho se lumele ha bona ho tla etsa hore tumelo ea Molimo e be lefeela?


Leha nka fana ka maruo a ka kaofela ho fepa bafumanehi, leha nka tela mmele wa ka hore o tjheswe, mme ke se na lerato, ha ho nthuse letho.


Seo ke ratang ho ithuta sona feela ho lona ke sena: Na le amohetse Moya ka mesebetsi ya molao, kapa ka kutlo ya tumelo?


Mme Lengolo le bone e sa le pele hore Modimo o tla bea baditjhaba ba lokileng ka tumelo, la bolella Abrahama Evangeli pele, la re: Ditjhaba tsohle di tla hlohonolofatswa ka wena.


Le tseba kamoo ke neng ke le boleletse Evangeli ka ho fokola ha nama pele.


Hobane Evangeli ya rona ha ya ka ya tla ho lona ka dipolelo feela, empa le ka matla, le ka Moya o Halalelang, le ka kgodiseho e kgolo. jwalokaha le tseba hore re ne re le batho ba jwang hara lona ka baka la lona.


Ka baka leo, le rona re leboha Modimo re sa phetse, kahobane eitse ha le amohela lentswe la Modimo, leo le le utlwileng ho rona, ha le a ka la le amohela jwalokaha e le lentswe la batho, empa le le jwalokaha e le ka nnete, e leng lentswe la Modimo, le sebetsang ka ho phethahala. le ho lona ba dumelang.


Hobane ho thapisa mmele ha ho thuse letho, empa borapedi bo na le thuso nthong tsohle, bo na le pallo ya bophelo ba jwale, le ya bo tlang ho tla.


Empa kantle ho tumelo ha ho kamoo motho o ka o kgahlisang kateng;


Banabeso, iponeleng, esere mohlomong ho e mong wa lona ho ka ba le pelo e mpe ya ho se dumele, ya ho furalla Modimo o phelang.


Ka hona, kaha ho sa ntse ho setse ba bang ba tla kena teng, mme ba ileng ba bolellwa molaetsa wa pele ha ba ka ba kena ka baka la ho se dumele.


Ka baka leo, lahlang ditshila tsohle le bokgopo bo bongata, mme le amohele ka bonolo lentswe le hlomilweng, le kgonang ho pholosa meya ya lona.


Ba senoletswe hore e ne e se bakeng sa bona, empa e ne e le rona ba sebeletsang dintho tseo le di bolellwang jwale ke ba le boleletseng molaetsa o molemo ka Moya o Halalelang o tswang lehodimong. tseo mangeloi a lakatsang ho di sheba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos