Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 1:9 - Baasraak Sotho NT

9 O ratile ho loka, mme o hloile bokgopo; ka baka leo, Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya thabo ho feta balekane ba hao.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 o ratile ho loka, mme o hloile bokgopo; ka baka leo, Modimo, Modimo wa hao o o tlotsitse ka ole ya nyakallo kahodima bohle ba nang le kabelo le wena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 O rata ho loka, o hloile bokgopo; kahoo Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya thabo, ho ena le balekane bohle ba hao.”

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 O ratile ho loka, mme o hloile bokgopo; ka baka leo, Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya thabo ho feta balekane ba hao.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 1:9
42 Referencias Cruzadas  

Moya wa Morena o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana Evangeli; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba holehilweng tokoloho, le difofu hore di boele di bone, le ho lokolla ba hateletsweng.


Yena a qala ka ho fumana Simone, ngwanabo, mme a re ho yena: Re fumane Mesia, ke ho re, Kreste, ha ho fetolwa.


Ke ka baka leo Ntate a nthatang, kahobane ke tela bophelo ba ka, hore ke tle ke boele ke bo nke.


Jesu a re ho yena: O se ke wa ntshwara; hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate; le ho Modimo wa ka, le Modimo wa lona.


Hobane eo Modimo o mo romileng, o bolela dipolelo tsa Modimo;


Ka moo Modimo o tlotsitseng Jesu wa Nasaretha ka Moya o Halalelang le ka matla, ya neng a potoloha a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hateletsweng ke Diabolosi; hobane Modimo o ne a ena le yena.


Marena a lefatshe a ema, le babusi ba phuthehela ho lwantsha Morena le Motlotsuwa wa hae.


Hobane kannete Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le setjhaba sa Iseraele, ba bokanetse Jesu, Mora wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;


Lerato e be le se nang boikaketsi. Ilang se se bosula; khomarelang se molemo.


Modimo wa tshepo o le tlatse ka thabo yohle le kgotsong ya ho dumela tumelong, le tle le atelwe ke tshepo ka matla a Moya o Halalelang.


Modimo o a tshepeha, oo le bileditsweng ke yena ho ba le kopano le Mora wa wona Jesu Kreste, Morena wa rona.


Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o bokwang ka ho sa feleng, o a tseba hore ha ke bue leshano.


Empa tholwana ya Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, bonolo, molemo, tumelo,


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a moya mahodimong ho Kreste.


Ke ka moo Modimo o mo godisitseng thata, wa mo naya leina le le fetang maina otlhe.


Hobane ya halaletsang le ba halaletswang bohle ba tswa ho a le mong;


Empa re bona Jesu, ya ileng a bewa katlase ho mangeloi hanyenyane, ka baka la ho hlokofatswa ha lefu, a rwetse moqhaka wa kganya le hlompho; hore ka mohau wa Modimo a latswe lefu bakeng sa motho e mong le e mong.


Hobane e ne e le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya sa silafalang, ya arohileng ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho feta mahodimo;


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, eo ka boholo ba mohau wa wona o re tswaletseng hape hore re be le tshepo e phelang ka tsoho ya Jesu Kreste bafung.


Se re se boneng, le seo re se utlwileng, re le bolella sona, hore le lona le be le kopano le rona, mme kopano ya rona e na le Ntate le Mora wa hae Jesu Kreste.


Le wena o na le ba kgomaretseng thuto ya Banikola, e leng ntho eo ke e hloileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos