Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Bagalata 1:1 - Baasraak Sotho NT

1 Ke le Pauluse, moapostola, eo e seng wa batho, leha e le ka motho, empa e le ka Jesu Kreste, le ka Modimo Ntate, ya mo tsositseng bafung;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke le Pauluse, moapostola, e seng ka batho, leha e le ka motho, empa e le ka Jesu Kreste, le ka Modimo Ntate, o mo tsositseng bafung;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Nna Paulosi, maopostola ya sa rongwang ke batho, kapa ke motho, empa ya romilweng ke Jesu Kreste le Modimo Ntate ya mo tsositseng bafung,

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Ke le Pauluse, moapostola, eo e seng wa batho, leha e le ka motho, empa e le ka Jesu Kreste, le ka Modimo Ntate, ya mo tsositseng bafung;

Ver Capítulo Copiar




Bagalata 1:1
35 Referencias Cruzadas  

Nna le Ntate re bang.


Jesu a boela a re ho bona: Kgotso e be le lona;


Jesu a araba, a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Mora a ke ke a etsa letho ka boyena, haese seo a bonang Ntatae a se etsa;


Yaba ke re: Ke etse jwang, Morena? Morena a re ho nna: Ema, o kene Damaseka; ke moo o tla bolellwa tsohle tseo o di beetsweng ho di etsa.


Le bolaile Morena wa bophelo, eo Modimo o mo tsositseng bafung; tseo re leng dipaki tsa tsona.


Mme a thothomela, a makala, a re: Morena, o rata hore ke etseng? Morena a re ho yena: Ema, o kene motseng, mme o tla bolellwa seo o tshwanetseng ho se etsa.


Ke le Pauluse, mohlanka wa Kreste Jesu, ya bitseditsweng ho ba moapostola, ya kgethetsweng Evangeli ya Modimo,


Hobane ha o bolela ka molomo wa hao hore Jesu ke Morena, mme o dumela ka pelong ya hao hore Modimo o mo tsositse bafung, o tla bolokeha.


Hobane Kreste o shwele, a ba a tsoha, a boela a phela, hore e tle e be Morena wa ba shweleng le wa ba phelang.


Pauluse, ya bitseditsweng ho ba moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, le Sosthene, ngwanabo rona,


Nna Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ena le Timothea, ngwanabo rona, re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, le bahalaledi bohle ba naheng yohle ya Akaya.


Empa eitse ha ho kgahla Modimo, ya nkarohanyang le popelong ya mme, wa mpitsa ka mohau wa wona,


Le gone ga ke a ka ka tlhatlogela kwa Jerusalema kwa go ba e neng e le baaposetoloi pele ga me; empa ka kena Arabia, ka nto kgutlela Damaseka hape.


Nna, ke le e monyenyane ho e monyenyane ho bahalaledi bohle, ke neilwe mohau ona, hore ke bolele hara baditjhaba monono o ke keng wa batlisiswa wa Kreste;


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ka pallo ya bophelo bo ho Jesu Kreste,


Empa o bonahaditse lentswe la hae ka nako e loketseng ka molaetsa oo ke o neilweng ka taelo ya Modimo, Mopholosi wa rona.


Jwale Modimo wa kgotso, o tsositseng bafung Morena wa rona Jesu, modisa e moholo wa dinku, ka madi a selekane se sa feleng,


bao le dumelang ka yena ho Modimo o mo tsositseng bafung, wa mo nea kganya; hore tumelo ya lona le tshepo ya lona di be ho Modimo.


Ke nna ya phelang, mme ke ne ke shwele; mme, bona, ke phela ka ho sa feleng, Amen; mme ke na le dinotlolo tsa lefu le dihele.


le ho Jesu Kreste, eo e leng paki e tshepehang, letsibolo la bafu, le kgosana ya dikgosi tsa lefatshe. Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibeng tsa rona ka madi a hae.


Ngolla lengeloi la kereke ya Smyrna; Ke tsena tse bolelwang ke wa pele le wa morao, ya neng a shwe, mme a phela;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos