Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 3:3 - Baasraak Sotho NT

3 Hobane ke rona ba lebollo, ba sebeletsang Modimo ka moya, ba ithorisang ka Jesu Kreste, mme ba sa tshepe nama.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 hobane ke rona re leng lebollo la nnete, bao re sebeletsang Modimo moyeng, bao re ithorisetsang ho Jesu Kreste, bao re sa tshepeng nama.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ba lebollo la nnete ke rona, ba rapelang Modimo ka moya, ba ithorisang ka Jesu Kreste. Ha re a tshepa tsa botho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Hobane ke rona ba lebollo, ba sebeletsang Modimo ka moya, ba ithorisang ka Jesu Kreste, mme ba sa tshepe nama.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 3:3
32 Referencias Cruzadas  

Hobane Modimo oo ke o sebeletsang ka moya wa ka ka Evangeli ya Mora wa wona, ke paki ya ka ya hore ha ke phetse ho le hopola merapelong ya ka;


Ka baka leo, ke na le sebaka sa ho ithorisa ka Jesu Kreste mabapi le dintho tse amanang le Modimo.


Empa jwale re lokolotswe molaong, re shwele ho seo re neng re le ditlamong tsa wona; re tle re sebeletse ka botjha ba moya, e seng ka mokgwa wa kgale wa lengolo.


Hobane ha le a ka la amohela moya wa bohlanka hape hore le tle le tshabe; empa le amohetse Moya wa bongwana, oo re howeletsang ka wona, re re: Aba, Ntate.


Leha e le bophahamo, leha e le botebo, leha e le sebopuwa se seng, ha di ka ke tsa tseba ho re arohanya le lerato la Modimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


Eseng jwaloka hoja lentswe la Modimo le hlolehile ho sebetsa. Hobane hase Baiseraele bohle ba tswileng ho Iseraele;


Erekaha ba bangata ba ithorisa ka nama, le nna ke tla ithorisa.


Haeba re phela ka Moya, le rona a re tsamayeng ka Moya.


Mme bohle ba tsamayang ka molao oo, kgotso le mohau di be ho bona, le Iseraele wa Modimo.


Ka kamehla le rapele ka Moya, ka thapelo yohle le thapeli, le fadimehele teng ka tiisetso yohle le thapello bakeng sa bahalaledi bohle.


Pauluse le Timothea, bahlanka ba Jesu Kreste, re ngolla bahalaledi bohle ba ho Kreste Jesu ba leng Filipi, le babishopo le madikone:


E seng jwaloka hoja ke se ke fihlile, kapa ke se ke phethehile, empa ke ntse ke phehella hore ke tle ke hape seo le nna ke se tshwaretsweng ke Kreste Jesu.


Ke mathela moputsong wa pitso e phahameng ya Modimo, ka Jesu Kreste.


Le lona le bolotse ho yena ka lebollo le sa etswang ka matsoho, ka ho hlobola mmele wa nama ya nama ka lebollo la Kreste.


Empa lona, baratuwa, le ikahe tumelong ya lona e halalelang ka ho fetisisa, le rapela ka Moya o Halalelang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos