Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 2:13 - Baasraak Sotho NT

13 Hobane ke Modimo ya sebetsang ka ho lona ho rata le ho etsa ka thato ya wona e molemo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 hobane Modimo ke wona o sebetsang ka ho lona ho rata le ho etsa, ka boithatelo ba wona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 hobane ho rata le ho phetha ha lona ho sebetswa ka ho lona ke Modimo, ka ho ya ka boithatelo ba hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Hobane ke Modimo ya sebetsang ka ho lona ho rata le ho etsa ka thato ya wona e molemo.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 2:13
39 Referencias Cruzadas  

Se boifeng, letsomanyane; hobane ho kgahlile Ntata lona ho le nea mmuso.


Kganya e be ho Modimo mahodimong, kgotso e be lefatsheng ho batho bao a ba ratang.


Johanne a araba, a re: “Motho a ke ke a amohela letho, ha a sa le fuwe ho tswa lehodimong.


Ho ngodilwe hara baporofeta, ho thwe: Bohle ba tla rutwa ke Modimo. E mong le e mong ya utlwileng ho Ntate, mme a ithuta ho yena, o tla ho nna.


A re: Ke ka baka leo ke le boleletseng, ka re: Ha ho motho ya ka tlang ho nna, ha a sa fuwe ke Ntate.


Letsoho la Morena la eba le bona, mme bongata bo boholo ba dumela, ba sokolohela ho Morena.


Hobane ka mohau oo ke o neilweng, ke bolella e mong le e mong ya leng hara lona hore a se ke a ikgopola ho fetisa kamoo a tshwanetseng ho ikgopola kateng; empa a nahane ka kelello, kamoo Modimo a abetseng e mong le e mong tekanyo ya tumelo kateng.


(hobane bana ha ba eso ho tswalwe, ba eso ho etse botle leha e le bofe bokgopo, hore morero wa Modimo o ikgethetseng o tle o eme, e seng ka mesebetsi, e mpe e be wa ya bitsang);


Jwale, ha se ka ya ratang, leha e le ka ya mathang, empa e le ya Modimo o mohau.


Ho na le mesebetsi e fapaneng, empa ke Modimo o le mong feela o sebetsang tsohle ho bohle.


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona; empa ke sebeditse ho fetisa bona bohle, empa e seng nna, empa e le mohau wa Modimo o nang le nna.


E seng hore re lekane ka borona ho nahana ntho leha e le efe e ka e tswa ho rona; empa ho lekana ha rona ho tswa ho Modimo;


Le rona re ruile lefa ho yena, re rerelwe pele ka morero wa ya sebetsang dintho tsohle ka morero wa thato ya hae.


O re rere esale pele hore re be bana ba hae ka Jesu Kreste, ka ho kgahlisa thato ya hae.


A re tsebisitse sephiri sa thato ya wona, ho ya ka kgahleho ya wona, eo o e rerileng ho yena.


Hobane le bolokehile ka mohau ka tumelo; mme hoo ha ho tswe ho lona, ke mpho ya Modimo;


Ke ka baka leo re le rapellang ka mehla, hore Modimo wa rona a le bale le le ba lokelwang ke pitso ena, mme a phethahatse molemo wohle o molemo wa molemo wa wona, le mosebetsi wa tumelo ka matla;


Ke yena ya re pholositseng, mme a re bitsa ka pitso e halalelang, e seng ka ho ya ka mesebetsi ya rona, empa ka ho ya ka morero wa wona le mohau wa wona, oo re o neilweng ka Kreste Jesu mehleng ya kgale,


a le etse ba phethehileng mesebetsing yohle e molemo, le tle le etse thato ya hae, a ntse a etsa ka ho lona se kgahlisang mahlong a wona, ka Jesu Kreste; ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, eo ka boholo ba mohau wa wona o re tswaletseng hape hore re be le tshepo e phelang ka tsoho ya Jesu Kreste bafung.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos